Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 29:2 - BIBELE

2 le bohobe bo sa lomoswang, le dikuku tse sa lomoswang, tse dubilweng ka ole; le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; tsena o di etse ka phofo ya koro e thumisehileng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 O nke pohwana le dipheleu tse pedi tse hlokang sekodi, le bohobe bo sa lomoswang, le dinkgwana tse se nang ditomoso, tse dubilweng ka ole, le maqebekwane a se nang ditomoso, a tlotsitwseng ka ole; o tle o di etse ka phofo e sefilweng ya koro;

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 29:2
14 Referencias Cruzadas  

Ba je nama eo hona bosiung bona boo, e besitswe, ba e jelelle le bohobe bo sa lomoswang, le ka moroho o babang.


O nke le senkgwa se le seng sa bohobe, le kuku e le nngwe e dubilweng ka ole, le moqathane o le mong; o di nke ka serotong sa bohobe bo sa lomoswang se kapele ho Morena.


O tla di kenya ka serotong, o di tlise ka sona seroto seo, mmoho le pohwana le dipheleu tse pedi.


O di tlotse ka ole ya mohlwaare, mme o tshele mokubetso hodima nyehelo eo.


Mollo o tla nne o fepelwe hodima aletare, hore o se ke wa tima.”


Nyehelo ya dijo, e dubilweng ka ole kapa e sa dujwang, e tla ba ya bara bohle ba Arone ka ho lekana.’ ”


“ ‘Ha sehlabelo e le sa teboho, motho a se tlise se ena le maqebekwane a sa lomoswang, a dubilweng ka ole; le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; le dikuku tse entsweng ka phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole.


“Nka Arone le bara ba hae, le diaparo, le ole e tlotsang, le pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le dipheleu tse pedi, le seroto sa bohobe bo sa lomoswang.


Ka serotong sa bohobe bo sa lomoswang, bo neng bo le kapele ho Morena, a nka kuku e le nngwe e sa lomoswang, le leqebekwane le le leng le dubilweng ka ole, le moqathane o le mong, a di bea hodima mafura, hodima serope sa letsoho le letona.


A tlise le seroto se nang le bohobe bo sa lomoswang, ba phofo e thumisehileng, le maqebekwane a dubilweng ka ole, le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; le nyehelo ya bona ya dijo, le dinyehelo tsa bona tsa dino.


“ ‘Moprista o tla nka sephaka sa pheleu, se phehilweng; le leqebekwane le le leng le sa lomoswang, le ka serotong; le moqathane o le mong o sa lomoswang, mme tsena a di bee matsohong a mokgethwa, ha a qetile ho beola hlooho ya hae e halaleditsweng.


Lahlelang tomoso ya kgale kantle, hore le tle le be hlama e ntjha, kaha le le bohobe bo sa lomoswang ba Paseka; ebile le Kreste, Konyana ya rona ya Paseka, o hlabilwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos