Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 29:1 - BIBELE

1 “Sena ke seo o tla se etsa ho Arone le ho bara ba hae, ha o ba halaletsa, hore e tle e be baprista ba ka. Nka pohwana e le nngwe, le dipheleu tse pedi, tse se nang sepha;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ha o ba kgetha, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka, o tla etsa ka mokgwa ona:

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 29:1
23 Referencias Cruzadas  

Na hase lona ba lelekileng baprista ba Morena, e leng bara ba Arone, le Balevi, mme la itlhomamisetsa baprista, ho latela mekgwa ya ditjhaba tsa dinaha tse ding? E mong le e mong ya tlang a qhoba pohwana le dipheleu tse supileng, le mo etsa moprista wa medimo eo ya bohata.


E be konyana e tona, e se nang sepha, e nang le selemo. Le kgethe konyana kapa potsanyane.


Ka matsatsi a tsheletseng Morena o ile a etsa lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona, mme a phomola ka letsatsi la bosupa; ka baka lena Morena o ile a hlohonolofatsa letsatsi la Sabatha, a le halaletsa.


“Bitsa moholwane wa hao Arone, le bara ba hae, Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare; o ba kgethe hara bana ba Iseraele, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka.


O tla buisana le bohle ba bohlale, bao ke ba hlalefisitseng, mme ba tla etsetsa Arone diaparo ho mo halaletsa, hore a tle a ntshebeletse e le moprista.


Tsena o di apese moholwane wa hao Arone le bara ba hae; o ba bee ka ho ba tlotsa ka ole, o ba halaletse, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka.


O tla nka madi a mang a aletareng, le ole e tlotsang, ebe o foka Arone le diaparo tsa hae; o foke le bara ba hae le diaparo tsa bona. Kahoo Arone le bara ba hae ba tla halalela, hammoho le diaparo tsa bona.


Ha o qetile ho e hlwekisa, o tla nyehela ka pohwana e se nang sepha, le ka pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hao.


Moprista ya etsang tshebeletso ya tlhwekiso o tla emisa motho eo ya hlwekiswang, mmoho le dinyehelo tsena tsohle, monyakong wa Tente ya Morena, kapele ho Morena.


“Arone o tla kena ka Sehalalelong ka mokgwa ona: a tlise pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le pheleu ya nyehelo ya setjheso.


Le se ke la nyehela ka phoofolo e nang le sepha, hobane e ke ke ya amoheleha.


“ ‘Haeba ya etsang sebe e le moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihela setjhaba sebeng, o tla tlisetsa Morena pohwana e se nang sepha, mme a etse sehlabelo ka baka la sebe sa hae.


Mollo o tla nne o fepelwe hodima aletare, hore o se ke wa tima.”


A tlisetse Morena nyehelo ya hae e tlosang molato. E be pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hae. Ke wena ya tla lekanya theko ya yona, e be yona nyehelo e tlosang molato, e tliswang ho moprista.


Sena ke seabo sa Arone le bara ba hae, se tswang dinyehelong tsa setjheso sa Morena, seo ba se abetsweng ho tloha mohla ba halaletswang hore e be baprista ba Morena.


Morena a bua ho Moshe, a re:


a re ho Arone: “Nka pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le pheleu ya nyehelo ya setjheso, bobedi ba tsona di hloke sepha, o di nyehelle Morena.


“Ha ho le jwalo, lona rapelang tjena: “ ‘Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le halaletswe;


Re lokelwa ke Moprista e Moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang bobe leha e le sekodi, ya sa amaneng le baetsadibe, ya phahamiseditsweng kahodimo ho mahodimo.


empa ke ka madi a bohlokwa, a kang a konyana e se nang sekodi, leha e le letheba, e leng a Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos