Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 28:11 - BIBELE

11 O tla ngola mabitso a bara ba Iseraele majweng a mabedi ao, jwalokaha setsebi sa mongolo se ye se ngole setempe sa bopaki; ebe o a kenya shweshweng e entsweng ka kgauta.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 O tla ngola mabitso mahakweng ao a mabedi kamoo ho ka etsang ya ngolang mahakweng kateng, ka mokgwa oo ho ngolwang tiiso ya mongolo, mabitso a ngolwe ka lenaneo la bana ba Iseraele; o a kenye dikoomaneng tsa kgauta.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 28:11
16 Referencias Cruzadas  

di ngolwa ka pene ya tshepe tlapeng la loto, di ngolwa lefikeng, di hlole kamehla yohle!


Mabitso a tsheletseng a ngolwe hodima lejwe la pele, mme mabitso a mang a tsheletseng, a setseng, a ngolwe hodima lejwe la bobedi, ho ya ka ho hlahlamana ha bona.


O rokelle majwe ao a mabedi hodima masela a setipe a mahetleng, e be majwe a kgopotso ya bara ba Iseraele. Arone o tla apara setipe se rokeletsweng majwe ao, hore Morena a tle a ba hopole.


Majwe ana a be leshome le metso e mmedi, ho ya ka mabitso a bara ba Iseraele. Lejwe ka leng le ngolwe lebitso la o mong wa merabe e leshome le metso e mmedi ya bana ba Iseraele, jwalokaha ho ngolwa setempe sa bopaki.


Dintlha tse pedi tsa mehala o tla di hokela dishweshweng tse pedi, ebe o di tlamella maseleng a setipe a mahetleng, kapele ho setipe.


“O tla etsa moqhaka ka kgauta e hlwekileng, mme hodima yona o ngole jwalokaha ho ngolwa setempe sa bopaki, o re: Mohalaledi wa Morena.


Moleng wa bone e ne e le lejwe la berile, le la kareneleane, le la jasepere. Ba kenya majwe ao dishweshweng tseo tsa kgauta.


Dintlha tse pedi tsa mehala ba di hokela dishweshwe tseo tse pedi, ba di tlamella maseleng a setipe a mahetleng, kapele ho setipe.


Ba kutletsa majwe a bohlokwa a kareneleane, ba a kenya dishweshweng tsa kgauta, ba a ngola mabitso a bara ba Iseraele, jwalokaha ho etswa setempe sa bopaki.


“Ke a le hlapanyetsa,” ho rialo Morena, “Leha eba wena Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, o ne o ka ba lesale le monwaneng wa letsoho la ka le letona, ke ne ke tla o rola.


Bonang, lejwe lena leo ke le beileng kapele ho Joshua ke lejwe le le leng, le nang le mahlakore a supileng, mme ke tla ngola hodima lona,’ ho rialo Morena wa mabotho. ‘Ke tla fedisa sebe sa naha ena ka tsatsi le le leng.


Ke ka Kreste le lona le utlwileng lentswe la nnete, molaetsa o molemo o le pholosang. Ke yena eo le bileng la dumela ho yena, la ba la tshwauwa ka letshwao la Moya o Halalelang, oo le neng le o tshepisitswe.


Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo ka wona le tshwaetsweng letsatsi la topollo.


Leha ho le jwalo, motheo o tiileng, oo Modimo a o entseng, o ntse o tsitsitse, o ngotswe mantswe ana: “Morena o tseba bao e leng ba hae,” le ana: “Bohle ba rapelang Morena ba hlobohe bokgopo.”


Yaba ke bona lengeloi le leng le nyoloha botjhabela, le tshwere letshwao la Modimo ya phelang. Ka lentswe le phahameng la howeletsa mangeloi a mane a neilweng matla a ho senya lefatshe le lewatle,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos