Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 23:26 - BIBELE

26 Naheng ya heno ha ho mosadi ya tla senyehelwa, kapa eo e tla ba nyopa; ke tla etsa hore o phele halalele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ho ke ke ha eba mosadi ya tswang mpa, kapa ya nyopileng lefatsheng la hao; hape, ke tla phetha palo ya ditshiu tsa hao.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 23:26
16 Referencias Cruzadas  

Aborahama a neela moya, a shwa, mme a orohela ho bang ka yena, hoba a phele halalele ka boiketlo, a hodile, a atetswe ke ditshiu.


Yaba Isaka o neela moya, a shwa, a orohela ho ba habo, a hodile, a atetswe ke ditshiu, mme bara ba hae, Esau le Jakobo, ba mo epela.


Ha Davida a se a hodile, e se e le mobu, a bea mora wa hae Solomone hore e be kgosi ya Baiseraele.


Poho ya ya kgopo e a katika, ha e ke e lala, thole tsa hae di a tswala, ha di ke di folotsa.


Jobo a shwa a se a tsofetse haholo, dilemo tsa hae di le ngata.


O tla ya lebitleng lemo tsa hao di ngatafetse, jwaloka koro e yang seotlong e se butswitse.


A ba hlohonolofatsa, ba ngatafala haholo, a ba atisetsa leruo la diphoofolo.


Mediko ya rona e ke e tlale, e tsholohe dijo tsa mefutafuta. Manku a rona a ke a ate ka dikete, e be diketekete makgulong a rona;


Rolela morwalo wa hao ho Morena, mme o tla o jarisa; a ke ke a tlohella ya lokileng hore a sisinngwe le ka mohla.


Ditshiu tsa ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng; ha re phela hantle, di mashome a robedi. Empa bongata ba tsona ke ba ditsietsi le mahlomola; di feta kapele, ebe re ile.


“Ha ho sa tla ba ngwana ya shwang e le lesea, ha ho motho ya sa tlo qeta lemo tsa hae tsa pallo, ya shwang lemo tsa hae di le lekgolo ho tla thwe o shwele e sa le mohlankana; ya sa qeteng lemo tse lekgolo a phela, yena ke moetsadibe, o rohakehile.


Oho, Morena, ako ba nee! Ekaba o tla ba nea eng, Morena? Ba nee dipopelo, dipopelo tse senyehelwang! Ba nee matswele, matswele a sa tsweng lebese!


“Bana ba hao ba tla hlohonolofatswa, le ditholwana tsa naha ya heno, le tswala ya diphoofolo tsa hao, le manamane a dikgomo tsa hao, le tswala ya mehlape ya hao.


Le tla boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le atlehe, mme le phele halelele naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be ya lona kamehla yohle.”


Le tla hlohonolofatswa ho fetisa ditjhaba tsohle. Ho ke ke ha eba le nyopa ya monna kapa ya mosadi hara lona; le hara diphoofolo tsa lona ho ke ke ha eba le e sa tswaleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos