Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 23:19 - BIBELE

19 “Dilopotsiya tse ntlentle tsa masimo a hao o tla di tlisa tlung ya Morena Modimo wa hao. “O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 O tlo o tlise tlung ya Jehova, Modimo wa hao, dilopotsiya tsa tse bewang ke lefatshe la hao, tsa ho qala. O se ke wa apeha potsanyane ka lebese la mma yona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 23:19
20 Referencias Cruzadas  

“Ka selemo le selemo re tla tlisa ka Tempeleng ya Morena dilopotsiya tse tswang masimong a rona, le dilopotsiya tsa ditholwana tsa difate tsohle.


“Jwalokaha ho ngotswe Molaong, re tla tlisa matsibolo a bara ba rona, le a diphoofolo tsa rona, le a mehlape ya dikgomo tsa rona, le a dikgutshwane tsa rona, ka Tempeleng ya Morena, re a nee baprista ba sebeletsang ka Tempeleng ya Morena.


“O se ke wa nyefola Modimo, mme o se ke wa rohaka mmusi wa setjhaba sa heno.


“O se ke wa dieha ho nntshetsa karolo ya tseo di kotutseng, le tseo o di ritetseng ka morara. “O tle o nkgethele bana ba hao ba matsibolo.


“Dilopotsiya tse ntlentle tsa masimo a hao o di ise tlung ya Morena, Modimo wa hao. “O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”


Ya lokileng o baballa phoofolo ya hae, mohau wa ya kgopo o kwetlile sehloho.


Tlotla Morena ka maruo a hao, le ka lopotsiya tsohle tsa dijalo tsa hao.


Meetlo ya baditjhaba ke ya lefeela, baditjhaba ba rema sefate morung, ebe sebetli ka selepe se a se betla.


Dilopotsiya tsohle le dinyehelo tsohle, le mefuta yohle ya dinyehelo, e tla ba tsa baprista. Le tla ba nea hlama ya lona ya pele, malapa a lona a tle a hlohonolofatswe.


“Balevi le bona ba tla ba le naha e ikgohlileng ka ya baprista. Bolelele ba yona e tla ba dikilomethara tse leshome le metso e mmedi, bophara e be dikilomethara tse hlano.


Naha ena ke e ntlehadi, mme ha ba a lokela ho e rekisa, kapa ho e ananya, kapa ho e nea motho e mong, hobane ke naha e halalelang ya Morena.


Melokong yohle ya lona le tla nyehella Morena ka hlama ya dilopotsiya tsa koro, e le nyehelo e akgotswang.”


Empa Kreste o fela a tsohile bafung, mme ke yena letsibolo la ba shweleng.


“Le se ke la ja nama ya ntho efe le efe e itjhweletseng feela. Le ka e fa bajaki ba metseng ya lona, la e rekisetsa moditjhaba, hobane lona le setjhaba se halalelang ho Morena Modimo wa lona. “Le se ke la pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”


Jwale bona, ke tlisitse dilopotsiya tse tswang mobung oo o nneileng wona, Morena.’ O tla di bea fatshe, kapele ho Morena Modimo wa hao, o mo kgumamele.


o tla nka dilopotsiya tsa ditholwana tsohle tse tswang mobung wa naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona. O di kenye ka serotong, ebe o ya sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha hore a dule ho sona.


Bana ke bao esaleng ba hlwekile, ba sa kang ba itshilafatsa ka basadi; ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng. Bana ba lopolotswe hara batho, ho ba nyehelo ya pele ho Modimo le ho Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos