Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 22:17 - BIBELE

17 Empa haeba ntata morwetsana a hana ho mo nea yena, o tla mo lefa ka tjhelete e lekanang bohadi ba barwetsana.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ha ntatae a hana ruri ho mo nea yena, o tla lefa ka tjhelete, kamoo serwala sa barwetsana se leng kateng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 22:17
9 Referencias Cruzadas  

Aborahama a dumellana le Eferone, mme a mo lekanyetsa silefera eo a ileng a e bolela moo Bahete ba ntseng ba utlwa, e leng silefera e etsang boima ba dikilo tse nne le halofo, ho ya ka boima bo neng bo sebediswa ke bahwebi.


Jwale Lea a re: “Modimo o mphile mpho e ntle, mme kajeno monna wa ka o tla dula ha ka, hobane ke mo tswaletse bara ba tsheletseng.” Yaba o rea mora eo lebitso la Sebulone.


Ereng ke ntshe bohadi bo bongata le dimpho tse ngata, mme ke tla le nea kamoo le batlang kateng, ha feela le ka mpha mosetsana hore e be mosadi wa ka.”


“ ‘Motho ya batlang thuso ya mathuela, kapa ya dinohe, ya mathang kamora tsona, ke tla mo halefela, mme ke mo kgaole setjhabeng sa habo.


Hara lona ho se fumanwe le ya mong ya fetisang mora wa hae kapa moradi wa hae hara mollo, ya sebedisang bohohe; eo e leng molepi wa dinako, kapa senohe, kapa moloi,


monna eo ya robetseng le morwetsana eo o tla lefa ntata morwetsana silefera e ka etsang boima ba halofo ya kilo e le nngwe, a be a mo nyale, hobane o mo dihile letswele. Ha monna eo a ntse a phela a ke ke a hlala mosadi eo.


Yaba Saule o re: “Le tle le bolelle Davida tjena: ‘Kgosi ha e batle bohadi, e ipatlela feela maeko a lekgolo a Bafilesita, hore kgosi e iphetetse ho dira tsa yona.’ ” Saule o ne a hopola hore hoo ho tla etsa hore Davida a bolawe ke Bafilesita.


Hoba Samuele a shwe, mme Baiseraele bohle ba mo llele, ba mo epela Rama, motseng wa habo. Saule o ne a ile a leleka dinohe le mathuela kahara naha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos