Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 16:20 - BIBELE

20 Empa ha ba a ka ba mamela Moshe; ba bang ba di bolokela letsatsi la hosasane, yaba di nyeunya diboko, di a nkga. Moshe a ba halefela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Empa ha ba ka ba utlwa Moshe; batho ba bang hara bona ba bo beela hosasane; yaba ho tswa diboko, ha nkga; mme Moshe a ba halefela.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 16:20
13 Referencias Cruzadas  

Moshe a re ho bona: “Ho se be ya bolokelang letsatsi la hosasane!”


Hosasa ho hong le ho hong ba bokella; e mong le e mong a bokella ho lekaneng hore a je, empa ha letsatsi le tjhesa di ne di ye di qhibidihe.


Yaba ba di bolokela la hosasane, jwalokaha Moshe a ne a ba laetse, mme tsa se ke tsa nkga, le diboko tsa se ke tsa eba teng ho tsona.


Moshe e ne e le motho ya mosa haholo ho feta batho bohle ba kileng ba phela lefatsheng.


Moshe a halefa haholo, mme a re ho Morena: “O se ke wa natsa nyehelo ya bona. Ha ke a nka leha e le tonki ho bona, leha e le ho etsa e mong wa bona hampe.”


“Le se ke la ipokellela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafoome di senyang, moo mashodu a thuang, a utswe;


Yare ha Jesu a bona hona, a halefa, a re ho bona: “Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane Mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.


A ba ya ka mahlo a halefile, a utlwisitswe bohloko ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho motho eo: “Otlolla letsoho!” A le otlolla, mme letsoho la hae la fola.


A re ho bona: “Hlokomelang, le pheme meharo yohle, hobane bophelo ba motho ha bo tswe bongateng ba maruo ao a nang le wona.”


Rekisang maruo a lona, mme le thuse mafutsana; iketsetseng mekotlana e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng, mahodimong, moo ho sa atameleng leshodu, leha e le tshwele ho senya,


Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile.


Bophelo ba lona bo se ke ba buswa ke ho rata tjhelete. Le kgotsofalle seo le nang le sona, hobane Modimo ka boyena o itse: “Ha nka ke ka o lahla, kapa ka o furalla.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos