Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 16:15 - BIBELE

15 Bana ba Iseraele ba bona hona, mme ba botsana, ba re: “Hoo keng?” Ke hobane ba ne ba sa tsebe hore na ke eng. Yaba Moshe o re ho bona: “Hono ke bohobe boo Morena a le fileng bona, hore le je.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Bana ba Iseraele ha ba e bona, ba botsana ba re: Ke eng eo? Hobane ba ne ba sa tsebe hoba keng. Yaba Moshe o re ho bona: Ke bona bohobe boo Jehova a le neang bona, hore le bo je.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 16:15
19 Referencias Cruzadas  

“Wa ba fepa ka bohobe ba lehodimo ha ba lapile, wa ba fa metsi a tswang lefikeng ha ba nyorilwe, wa ba laela hore ba kene, ba ikgapele naha eo o neng o hlapanye hore o tla ba nea yona.


Wa ba romela Moya wa hao o molemo ho ba ruta, wa se ke wa ba tima manna a hao, wa ba fa metsi ho tlosa lenyora.


Ba kopa, yaba o ba tlisetsa dikwekwe; a ba kgorisa ka bohobe bo tswang mahodimong.


a ba nesetsa manna e be dijo tsa bona, a ba nea koro ya lehodimo.


Yaba setjhaba sa Iseraele se rea dijo tseo lebitso la manna, kaha di ne di tshwana le peo e tshweunyana, mme di latsweha jwaloka dikuku tse entsweng ka mahe a dinotshi.


Yaba Moshe o re ho Arone: “Nka nkgo e le nngwe, o tshele manna a etsang dilethara tse pedi ka ho yona, o e bee kapele ho Morena, e tle e bolokelwe ditloholo tsa lona.”


Yaba Morena o re ho Moshe: “Bona, ke tla le nesetsa dijo tse tswang lehodimong. Setjhaba se tla tswa, se yo thonaka ho lekaneng letsatsi ka leng, e le hore ke tle ke se leke, ke bone hore na se tla tsamaya ka Molao wa ka kapa tjhe.


“Tloong le tlo ja, le itjelle dijo tsa ka, le inwelle veine eo ke e ritetseng.


Setjhaba sa nyatsa Modimo le Moshe, sa re: “Ke hobaneng ha le re nyolotse Egepeta, hore re tlo shwela moo lehwatateng? Mona ha ho na dijo, ha ho na le metsi, re tenehile le ke dijo tsena tse mpe!”


hobane tseo tsohle di labalabelwa ke bahedene ba lefatshe, empa Ntata lona o tseba hore le a di hloka.


Bo-ntata lona ba ile ba eja manna feelleng, empa ba eshwa.


Bona ke bohobe bo theohileng lehodimong, e seng bo jwaloka boo bo-ntata rona ba bo jeleng, mme ba eshwa; ya jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng.”


Bohle ba ja sejo sa moya se tshwanang.


Ha le le lehwatateng, Morena o ile a le fepa manna, ao bo-ntata lona ba neng ba sa a tsebe, hore a le kokobetse, a le leke, qetellong a tle a le etsetse tse molemo.


O ile a le kokobetsa, a le bolaisa tlala, a le fepa ka manna ao lona le bo-ntata lona le neng le sa a tsebe, hore le tle le tsebe hore motho ha a phele ka bohobe feela, empa o phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Morena.


Ka ho sona ho ne ho ena le aletare ya kgauta, moo ho neng ho tjhesetswa mokubetso teng, le areka ya selekane e apesitsweng ka kgauta, moo ho kentsweng pitsa ya kgauta e tshetseng manna, le lere la Arone le neng le ile la eba le dithunthung, le matlapa a mabedi ao ho ngotsweng mantswe a selekane ho wona.


Ka letsatsi leo ka lona ba jeleng thoko ya tse behilweng ke naha, manna a kgaotsa ho ba teng, mme yaba bana ba Iseraele ha ba sa fumana manna, empa selemong seo ba ja ditholwana tsa naha ya Kanana.


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho ja manna a patilweng. Ke tla mo nea lejwe le lesweu, mme lejweng leo ho tla ngolwa lebitso le letjha, leo ho seng motho ya le tsebang, haese feela ya le amohelang.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos