Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 14:30 - BIBELE

30 Ka lona letsatsi leo Morena a namolela Baiseraele matsohong a Baegepeta. Baiseraele ba bona ditopo tsa Baegepeta di karaletse lebopong la lewatle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Jehova a namolela Iseraele ka tsatsi leo matsohong a Baegepeta, mme Iseraele a bona Baegepeta lebopong la lewatle e se e le ditopo.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 14:30
17 Referencias Cruzadas  

Ka mokgwa o tjena Morena a namolela Hesekiya le baahi ba Jerusalema matsohong a Saneheribe, kgosi ya Asiria, le matsohong a bohle ba bang, mme kgotso ya eba teng kahohle.


A ba pholosa matsohong a ba ba hloileng, a ba namolela matsohong a sera.


Empa o ile a ba pholosa ka baka la lebitso la hae, hore ho tle ho bonahatswe matla a hae.


Etlare ba eso lemohe a ba fothole sa hlabahlabane, a ba fefole sa lehola ka kgalefo, ka kgalefo ya hae e tukang.


Wena o leng matla a ka, ke shebile wena, hobane Modimo ke qhobosheane ya ka.


O tla bona ka mahlo a hao ha ba kgopo ba putswa.


Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng; emang le tiile, le tle le bone pholoho eo Morena a tla le etsetsa yona kajeno, hobane jwalokaha le bona Baegepeta kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona le ka mohla, ho isa kgale.


ke ha ba hopola matsatsi a fetileng, ba hopola Moshe le tjhaba sa habo, ba re: “O kae ya neng a tshedise modisa, a mo tshedisa le mohlape wa hae lewatleng? O kae ya neng a theole Moya o Halalelang wa hae, a o theolela hodima Moshe?


“Ruri ke tjhaba sa ka,” ho rialo Morena, “bana ba ka ba ke keng ba bua leshano;” kahoo ya eba yena Mopholosi, Mopholosi wa bona,


matshwenyeho wohle a bona le yena a mo tshwenya. Hase lengeloi le ba pholositseng, ba pholositswe ke Morena ka seqo, ka lerato le ka mohau wa hae a ba lopolla; ho tloha kgale a ba nka, a ba a ba jara.


Empa ke tla hauhela ba ntlo ya Juda, nna Morena Modimo wa bona, ke ba pholose. Ha nka ke ka ba pholosa ka seqha kapa sabole, kapa ka ntwa kapa dipere kapa bapalami.”


Kapa na ho teng modimo o mong o kileng wa leka ho inkela setjhaba, hara setjhaba se seng ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka ditshoso tse kgolo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ile a etsa ho lona, moo le ntseng le bona, ha le sa le Egepeta?


Le hoja le se le tseba tsena tsohle ka ho tlala, ke rata ho le hopotsa hore, e ne e re hoba Morena a pholose setjhaba sa hae naheng ya Egepeta, hamorao o ile a fedisa ba sa kang ba dumela.


Morena a re ho bana ba Iseraele: “Na ha ke a ka ka le namolela ho Baegepeta, le ho Baamore, le ho Baamone, le ho Bafilesita?


Empa Saule a re: “Ka letsatsi lena ha ho monna ya tla bolawa, hobane kajeno Morena o namoletse Baiseraele.”


Ka letsatsi leo, Morena a namolela Baiseraele, mme ntwa ya ba ya ya feta Bete-Afene.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios