Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 14:23 - BIBELE

23 Baegepeta ba ba phaladisa, ba ba sala morao ho ya fihla hara lewatle, ka dipere tsohle tsa Faro, le ka dikariki tsa hae tsa ntwa, le ka bapalami ba hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Baegepeta ba ba phallela, ba kena kamora bona kahara lewatle, ka mapere a Faro kaofela, makoloi a hae, le bakalli ba hae.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 14:23
7 Referencias Cruzadas  

Morena a botsa, a re: ‘Ke mang ya tla qhekanyetsa Akabe hore a futuhe, a tle a yo bolaelwa Rama e Gileade?’ E mong a bua tjena, e mong a bua tjena.


Bona, ke tla thatafatsa dipelo tsa Baegepeta, mme ba tla ba sala morao. Ke tla itlotlisa ka Faro, le ka mabotho a hae, le ka dikariki tsa hae tsa ntwa, le ka bapalami ba hae.


Ke tla thatafatsa pelo ya Faro, mme o tla le phaladisa. Ke tla itlotlisa ka Faro le ka lebotho la hae kaofela. Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena.” Yaba Baiseraele ba etsa jwalo.


Dipere tsa Faro, le dikariki tsa hae tsa ntwa, le bapalami ba hae, ba ile ba kena lewatleng, mme Morena a kgutlisetsa metsi a lewatle hodima bona, empa bana ba Iseraele bona ba tsamaya hara lewatle, mobung o ommeng.


“Sera se ile sa re: ‘Ke tla ba phaladisa, ke ba tshware; ke arole kgapo, ke kgotsofale. Ke tla hula sabole ya ka, ka tsoho la ka ke ba timetse.’


Bona ke bona bobe bo teng dinthong tsohle tse etsahalang mona lefatsheng. Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang. Dipelo tsa batho di tletse bokgopo, di bile di na le bohlanya ha batho bao ba sa ntsane ba phela, mme hamorao ba balellwa le bafu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos