Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 12:32 - BIBELE

32 Le nke mehlape ya lona ya dinku, le mehlape ya lona ya dikgomo, jwalokaha le ile la bolela; le tsamaye, mme le nna le ntlhohonolofatse!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Le nke le manku a lona, le makgomo a lona, kamoo le boletseng kateng, le tsamaye, le be le ntlhohonolofatse.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 12:32
8 Referencias Cruzadas  

Empa ke tla ahlola setjhaba se tla di etsa makgoba, mme hamorao di tla tloha teng di ena le maruo a mangata.


Ha Esau a utlwa mantswe a ntatae a lla sello se seholo, se bohloko, mme a re ho ntatae: “Le nna ako ntlhohonolofatse hle ntate!”


Yaba Esau o re ho ntatae: “Na ha o sa na le lehlohonolo le leng ntate? Le nna ntlhohonolofatse hle, ntate!” Esau a bokolla habohloko.


e le hore ba tle ba etsetse Modimo wa mahodimo mahlabelo a monko o monate, mme ba tsebe ho rapella kgosi le bara ba yona.


Le diphoofolo tsa rona di tla ya le rona ha ho na ho sala leha e le nngwe feela, hobane ho tsona re tla kgetha tse tla sebeletsa Morena Modimo wa rona. Ha re ka ke ra tseba seo re tla sebeletsa Morena ka sona, ho fihlela re fihla teng.”


Moshe a re: “Re tla ya le bana ba rona, le maqheku a rona; re tla ya le bara ba rona, le baradi ba rona; le mehlape ya rona ya dinku, le mehlape ya rona ya dikgomo, hobane re lokela ho etsetsa Morena mokete.”


Ke ha Faro a re: “Ke tla le lokolla, le tle le yo etsetsa Morena Modimo wa lona, sehlabelo lehwatateng. Feela le se ke la ya hole, mme le nna le be le nthapelle.”


Nthapelleng ho Morena. Letolo lena la Modimo le sefako, di feta tekanyo; ke tla le lokolla, mme le ke ke la hlola le dula mona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos