1 Bana, mamelang thuto, thuto ya ntata lona, le e ele hloko, e tle le ruise kutlwisiso.
1 Bana ba ka, mamelang thuto ya ntata lona, le e nahane, le tle le fihlele kelello.
“Bokanang le mamele, bara ba Jakobo, mamelang ntata lona Iseraele.
Leha barui ba ka futsaneha, ba lapa, ba batlang Morena ba ke ke ba hloka, ba ke ke ba hloka letho le molemo.
a rutang motho bohlale le kgalemo, le ho utlwisisa polelo tse tebileng;
Mora ka, mamela tayo ya ntatao, o se furalle thuto ya mmao.
Mora ya bohlale o mamela thuto ya ntatae, empa moikakasi ha a natse kgalemo.
Sekehela keletso tsebe, o mamele ditaelo, e le hore qetellong o tle o hlalefe.
Thea tsebe o mamele polelo tsa ba bohlale, o ele hloko ho ithuta tseo ke di tsebang,
Mora wa ka, ela bohlale ba ka hloko, thuto ya ka o e sekehele tsebe,
Ere ho bohlale: “Wena kgaitsedi,” kutlwisiso yona e bitse motswalle wa hao.
Kahoo re hlomphile taelo eo ya ntata rona moholo Jonadabe, mora wa Rekabe, dinthong tsohle tseo a re laetseng tsona, e leng ho se nwe veine ka matsatsi wohle a ho phela ha rona, rona le basadi ba rona, le bara ba rona, le baradi ba rona.
Kahoo re tlamehile ho hlokomedisisa tseo re di rutilweng, esere ra kgeloha.