Haeba o ka tsamaya ka ditsela tsa ka, wa boloka ditaelo tsa ka, le melao ya ka, jwalokaha Davida, ntatao, a ile a etsa, ke tla lelefatsa bophelo ba hao.”
Jwale Modimo ya re fang tshepo a ke a le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso ka baka la ho dumelo ho yena, hore le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang.
e le hore ha feela lehodimo le lefatshe di sa ntse di le teng, lona, le bana ba lona le tle le phele halelele, naheng eo Morena a e hlapanyeditseng bo-ntata lona hore o tla ba nea yona.