3 ha o ka ipiletsa hore o be sedi, wa kopa hore o be le kutlwisiso;
3 ke re, ha o ka bitsa masene, wa howeletsa kutlwisiso,
Morena a ke a o fe bohlale le kutlwisiso, a etse hore o buse Baiseraele, o tle o tsebe ho boloka molao wa Morena Modimo wa hao.
Ke mohlanka wa hao, ako nnee kutlwisiso, ke tle ke tsebe ditemoso tsa hao.
Morena, sello sa ka se ke se finyelle ho wena; ako nnee kutlwisiso ho ya ka lentswe la hao.
Nnee kutlwisiso ke tle ke hlomphe Molao wa hao, ke o boloke ka pelo ya ka yohle.
O mpopile ka matsoho a hao, wa nnea sebopeho; ako nnee kutlwisiso, ke tle ke ithute melao ya hao.
wa sekehela bohlale tsebe, pelo ya hao ya labalabela ho ba le kutlwisiso;
ha o ka e batla sa hoja o batla silefera, wa e batla sa tlotlo e le patuwe;
Kenya Morena mererong ya hao, mo kenye ho yona yohle, tsela tsa hao a tla di otlolle.
Bana, mamelang thuto, thuto ya ntata lona, le e ele hloko, e tle le ruise kutlwisiso.
Ba nthatang le nna ke a ba rata, ba mpatlang bona ba tla mphumana.
Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fa bana ba lona dimpho tse molemo, Ntate ya lehodimong o tla fana haholo hakaakang ka Moya o Halalelang ho ba mo kopang!”
Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa.