3 Ke a o thabela, ke nyakallela ho wena; ke roka lebitso la hao, wena Ya Hodimodimo.
3 Dira ho nna di suthela morao, di a thekesela, di timela pela hao!
Yare ha o kgalemela, wena Modimo wa Jakobo, dikariki le dipere tsa ntwa tsa fetoha, tsa fetoha diemahale.
Sireletsa se hlomilweng ke tsoho la hao le letona, mora eo o ikgodiseditseng yena.
Kahobane o entse Morena setshabelo sa hao, mme Ya Hodimodimo o mo entse qhobosheane ya hao,
Ke hantle ho boka Morena, ho roka lebitso la hao, wena Ya Hodimodimo,
Ha o ne o etsa tse tshosang, tseo re neng re sa di lebella, o ile wa theoha, thaba tsa reketla ha di o bona.
Ba tla ahlolelwa timelo e sa feleng, ba be holehole le sefahleho sa Morena le kganya ya botlotlehi ba hae,
Jwale ka bona terone e kgolo, e tshweu, le ya dutseng hodima yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha pela sefahleho sa hae, tsa nyamella ruri.