Dipesaleme 81:3 - BIBELE3 Phokolang pina, le tidinye meropa, le letse harepa, le letse le seletsa se modumo o monate. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 Ke kgwedi e ntjha, letsang phala; ke kgwedi e tolokileng, tsatsi la mokete wa rona! Ver Capítulo |
Bona, ke hahela Morena Modimo wa ka, Tempele moo a tla kgumamellwa teng, mme ke mo abela yona. Ke moo ke tla mo tjhesetsa mokubetso o monko o monate teng. Ke moo re tla bea bohobe bo halalelang teng, re etsetse le nyehelo ya setjheso teng, hoseng le mantsiboya, le ka disabatha, le ka mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le ka mekete e halalelang ya Morena Modimo wa rona. Ena ke taelo ya kamehla yohle e laetsweng Baiseraele.
Balevi bohle, bao e neng e le dibini, e leng bo-Asafo, le Hemane, le Jedutune, le bara ba bona, le bana babo bona, ba ne ba eme ka botjhabela ho aletare, ba apere diaparo tsa lene tse tshweu, ba letsa matlheretlhere, le dikatara, le diharepa. Ba ne ba tlatsitswe ke baprista ba lekgolo le mashome a mabedi, ba neng ba letsa diterompeta.