Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Dipesaleme 70:3 - BIBELE

3 Ba tsomileng bophelo ba ka ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba ferekane; ba ntakaletsang bobe ba ke ba tjhetjhe, ba tlontlolohe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 A ba ke ba balehiswe ke dihlong tsa bona, bona ba reng: Ha! ha!

Ver Capítulo Copiar




Dipesaleme 70:3
10 Referencias Cruzadas  

Ba nkahlamiseditse melomo, ba re: “Aha! Aha! Re o bone!”


Ka dipelong tsa bona ba se re: “Aha! Re mo fumane!” Hape ba se re: “Re mo metsitse!”


Ba batlang ho timetsa bophelo ba ka ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba ferekane kaofela. Ba ntakaletsang bobe ba ke ba tjhetjhe, ba tlontlolohe.


Ba ntwantshang ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba timele; ba ntakaletsang bobe ba ke ba fetohe sekgobo, ba fetohe sekgobo, ba tlontlolohe.


Leleme la ka le tla bolela tsa ho loka, le bolele tsa ho loka ha hao kamehla, ba ntakaletsang bobe ba tlontlolohe, ba tlontlolohe, ba ferekane.


Ere ho bona: ‘Mamelang lentswe la Morena Modimo. Morena Modimo o bua tjena: Kahobane le ile la tsheha ha Sehalalelo sa ka se silafatswa, le ha naha ya Iseraele e ripitlwa, le ha ba ntlo ya Juda ba iswa bothopuweng;


“Wena ngwana motho, ha Tire e bua ka Jerusalema e ile ya tsheha, ya re: ‘Jerusalema e ripitlilwe, kgwebo ya yona e fedile, jwale ke tla atleha ha e le mona e fetohile lesupi!’


Morena Modimo o bua tjena: Dira di ile tsa tsheha, tsa re: “Aha! Dihlaba tsa boholoholo re di hapile!” ’


Yaba Judase eo o reka tshimo ka moputso wa bokgopo ba hae, mme yare hoba a tabane fatshe moo, mpa ya hae ya phatloha ka lehare, mala a petletseha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos