Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Dipesaleme 69:3 - BIBELE

3 Ke qahilwe tebetebeng ya seretse, ha ho moo nka hatang teng, ka hata ka tsitsa. Ke fihlile kweetseng, maqhubu a nkwahetse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ke kgathaditswe ke ho howa, mmetso wa ka o omeletse; mahlo a ka a fifala, ha ke ntse ke lebeletse Modimo wa ka.

Ver Capítulo Copiar




Dipesaleme 69:3
18 Referencias Cruzadas  

Empa mahlo a ba kgopo a tla eba, ba hloke le wona monyetla wa ho pholoha, tshepo ya bona e be ya ho neela moya.”


mahlo a ka a fubetse ke menyepetsi, botsho bo entse sedika-mahlwana ntshing tsa ka;


Mahlo a ka a motela ke ho lebella ho pholosa ha hao, le ho lebella tshepiso ya hao, tshepiso ya hao e lokileng.


Mahlo a ka a motela ke ho lebella tshepiso ya hao, ke re: “Ekaba o tla ntshedisa neneng?”


Ke jwaloka metsi a tsholohang, masapo a ka a tswenehile; pelo ya ka e jwaloka tshotso, e qhibidiha ka sefubeng sa ka;


Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng? O hole le ho mpholosa, ha o utlwe ho dumaela ha ka.


Ako ntshireletse hobane ke hloka kodi, ke lokile; hobane ke o lebeletse, Morena.


“Motho ya tsamayang o ka seriti feela, maruo ao a ipokellelang wona ke lefeela; ha a tsebe hore na a tla sebediswa ke mang.”


A nnyolla mokoting wa timelo, tebetebeng ya seretse, a nkemisa hodima lefika, a tiisa mehato ya ka.


Bafu ba ke ke ba o hopola; ke mang ya ka o tlotlisang Nqalong ya Bafu?


Sekgobo se hlabile pelo ya ka, ke fedile; ke ne ke lebeletse kutlwelobohloko, empa ha ke a ka ka e fumana; ka batla batshedisi, ka se ke ka ba fumana.


O ntheoletse botebong ba lebitla, mohohlong o motshomotsho!


Ka lla sa lefokotsane kapa sa moholodi, ka kuruetsa sa leebana-kgorwana. Mahlo a ka a kgathetse ke ho lelalela hodimo, Morena, ke ditlallong, tloo, o tlo nthusa.”


Mahlo a ka a foufaditswe, a foufatswa ke dikeledi, moya wa ka o ferekane haholo, bohloko ba pelo ya ka bo tsholohela fatshe, ka baka la ho timetswa ha setjhaba sa heso, ka baka la ho timetswa ha bana le masea, ba timetswa ba le diterateng tsa motse.


Kamora tsena Jesu, ka ho tseba hore jwale tsohle di phethahetse, a re: “Ke nyorilwe,” e le hore Mangolo a phethahale.


Bara ba hao le baradi ba hao ba tla newa setjhaba se seng, moo o ntseng o bona; o tla ba hlolohelwa ka dinako tsohle, empa o se na matla a ho etsa letho.


Kreste, ha a ntse a phela lefatsheng, o ile a hlahisa dithapelo le dikopo ka mehoo le ka meokgo ho Modimo, ya neng a ka mo pholosa lefung, mme kaha a ne a ikokobeditse, Modimo o ile a mo mamela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios