Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Dipesaleme 139:3 - BIBELE

3 O ntisa ha ke tsamaya le ha ke robetse, o tsebisisa metsamao ya ka yohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O ntekola leha ke tsamaya, leha ke robala, o tsebisisa ditsela tsa ka kaofela.

Ver Capítulo Copiar




Dipesaleme 139:3
21 Referencias Cruzadas  

Ha nako ya bofifi ba hae e se e fetile, Davida a romela maqosa ho lata Batesheba, mme a mo isa tlung ya hae, ya eba mosadi wa hae. A tswalla Davida mora. Empa ntho ena eo Davida a neng a e entse ya se ke ya kgahla Morena.


A hloma diahelo tsa mabotho naheng yohle ya Edomo, mme baahi bohle ba Edomo ya eba bahlanka ba hae. Morena a thusa Davida hohle moo a yang teng.


Empa Modimo o tseba metsamao ya ka; ha a nteka ke tla tswa ke hlwekile seka kgauta.


Modimo tsela tsa ka o a di bona, le mehato ya ka yohle o a e bala.


Ke boloka ditaelo tsa hao, le ditemoso tsa hao ke a di boloka, hobane o bona metsamao ya ka yohle.


Ha nka e bala, e mengata ho feta lehlabathe; ha nka e qeta, o ntse o ena le nna.


Diketso tsohle Modimo o tla di ahlola, esita le tsona tsohle tse entsweng bofihla, ebang di ntle kapa di mpe.


Ho madimabe ba patelang Morena merero ya bona, ba e etsetsang lefifing, ba re: “Ke mang ya re bonang? Ke mang ya re tsebang?”


Na motho a ka ipata dikgotjheletsaneng, a ipata teng, yaba ha ke mmone?” ho rialo Morena. “Na ha ke fumanwe lehodimong le lefatsheng?” ho rialo Morena.


Seoloso se letsohong la hae, mme o tla fiedisisa seotlo sa hae, a bokelle koro ya hae sesiung, mmoko wona a o tjhese mollong o sa timeng.”


Ha ho jewa dijo tsa mantsiboya, Diabolosi o ne a se a kentse pelong ya Judase, mora Simone Isekariota, maikutlo a hore a eke Jesu.


Yare hoba Jesu a bolele tsena, a ferekana moyeng, a bua phatlalatsa, a re: “Kannetenete, ke a le bolella hore e mong wa lona o tla nkeka.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos