Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Dipesaleme 13:3 - BIBELE

3 Ke ho fihlela neng moya wa ka o tla utlwa bohloko, le pelo ya ka e hlomohe ka matsatsi wohle? Sera sa ka se tla ntlhola ho fihlela neng?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Jehova, Modimo wa ka, tadima, o nkutlwe! O edise mahlo a ka, hore ke tle ke se ke ka robala boroko ba lefu;

Ver Capítulo Copiar




Dipesaleme 13:3
15 Referencias Cruzadas  

“Empa ka nakwana e seng kae, Morena Modimo wa rona, o re hauhetse ka ho re siela mesaletsana e ileng ya phonyoha. O re tsitsisitse sebakeng sena sa hae se halalelang, e le hore a re tutubolle mahlo, a re lopolle bokgobeng bona ba rona.


Ako tadime ho hlopheha ha ka, o nnamolele, hobane ha ke a lebala Molao wa hao.


Ke wena ya pholosang setjhaba se hlophehileng, empa o kokobetsa baikgohomosi.


Bona kamoo dira tsa ka di leng ngata kateng, le kamoo di ntlhoileng hampe kateng.


O hloile ba sebeletsang medimo ya bohata, athe nna ke tshepile Morena.


Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka makodilo.


hobane ya phetetsang madi o hopola bahlophehi, ha a lebale sello sa bona.


Etlare ba sa halakehetse dijo, ke ba etsetse mokete wa semetletsa, ke ba nwese hore ba be ba tahwe, ba robale, ba roballe ruri, ba kgalehe, ba se hlole ba tsoha,” ho rialo Morena.


Baetapele ba yona le bahlalefi ke tla ba tahisa, ke tahise babusi le balaodi le bahlabani. Ba tla robala, ba roballe ruri, ba kgalehe, ba se hlole ba tsoha,” ho rialo Kgosi, eo bitso la yona e leng Morena wa mabotho.


Morena, ako hopole tse re wetseng hodimo! Ako tadime, o bone sekgobo sa rona!


lesedi le bonesetsang baditjhaba le tlotla ya setjhaba sa hao sa Iseraele.”


Tsohle tse bonahatswang ke lesedi di fetoha lesedi. Ke ka baka leo ho thweng: “Tsoha, wena morabadi, tsoha bafung, mme Kreste o tla o bonesetsa.”


Motse ha o hloke letsatsi kapa kgwedi ho o bonesetsa, hobane tlotla ya Modimo e a o kgantshetsa, mme lebone la wona ke Konyana.


Empa Jonathane o ne a sa ka a utlwa ha ntatae a hlapantsha setjhaba; ka baka leo, a hlaba kgekge ya dinotshi ka ntlha ya molamu o letsohong la hae, a isa molomong, yaba mahlo a hae a a ela.


Jonathane a re: “Ntate o kentse setjhaba tsietsing! Ha le bone kamoo mahlo a ka a edileng kateng, hobane ke latswitse mahe a dinotshi hanyenyane!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos