Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Dipesaleme 11:2 - BIBELE

2 Ba kgopo ba se ba hula diqha tsa bona, ba kgwesa metsu ya bona, ba e kgwesa ba le lefifing ho fula ba pelo di ntle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Hobane, bonang, bakgopo ba koba diqha tsa bona, ba tjheha metsu ya bona lesikeng, ho phosetsa batho ba pelo tse lokileng lefifing.

Ver Capítulo Copiar




Dipesaleme 11:2
18 Referencias Cruzadas  

Ya kgopo o a ikgantsha, o befetse ya hlophehileng; a ke a tshwaswe ke mano ao a a lohileng.


Morena, ako etse tse molemo, o di etsetse ba lokileng, le ba pelo di ntle.


Ke hlahisa sello sa ka, ke se hlahisa kapele ho yena, ke bea tsietsi ya ka kapele ho yena.


Ha ba rera ho o etsetsa bobe, ha ba loha mano, ba ke ke ba atleha;


Thabelang Morena, le nyakalle, le nyakalle lona ba lokileng; le etse ditlatse, lona ba pelo di ntle.


Ba kgopo ba tsomula sabole tsa bona, ba hula diqha tsa bona, ho fula bahlophehi le mafutsana, ho bolaya ba metsamao e metle.


Jwale bohle ba tla tshaba, ba bolele mosebetsi wa Modimo, ba utlwisise ketso ya hae.


Bobe ba ba kgopo bo ke bo fele, mme o tiise ba lokileng, wena ya hlahlobang moya le pelo, wena Modimo ya lokileng.


Modimo ke moahlodi ya lokileng, ya ahlolang kamehla yohle.


Dikahlolo di tla boela di etswa ka toka, bohle ba pelo di ntle ba tla e latela.


Lesedi le tjhabela ya lokileng, thabo ke ya ba pelo di ntle.


“Maleme a sona a kobehile sa seqha, leshano ke metsu eo se fulang ka yona; hase nnete e se neang matla lefatsheng. Bokgopo se bo etsa ka ho bo hlahlamanya, athe nna ha se ntsebe le ho ntseba,” ho rialo Morena.


mme ba rera ho tshwara Jesu ka mano le ho mmolaya.


Saule a re: “Ke tla mo nea Mikale, hore e tle e be leraba ho yena, Bafilesita ba tle ba mmolaye.” Saule a re ho Davida: “Kajeno lena, o tla ba mokgwenyana wa ka, ka baka la moradi wa ka wa bobedi.”


Davida o ne a tseba hore Saule o ntse a mo rera ka lekunutu; yaba o re ho moprista Abiatare: “Tlisa setipe seo kwano!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos