7 Ke tshwana le letata la lehwatata, ke tshwana le sephooko sa dithako.
7 Ke timeletswe ke boroko, ke tshwana le nonyana e emeng e innotshi sehlohlolong sa ntlo.
Ke se ke fetohile ngwanabo phokojwe, ke molekane wa madinyane a mpshe.
Moya wa ka o lebeletse Morena, ho feta balebedi ba lebeletseng meso, e, ho feta balebedi ba lebeletseng meso.
Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng? O hole le ho mpholosa, ha o utlwe ho dumaela ha ka.
Pelo ya ka e otla habohloko, ke feletswe ke matla; mahlo a ka a fifetse.
Ka hopola Modimo, ka fehelwa, ka nahana, moya wa ka wa sarelwa.