4 Nke ke ka ba le bokgopo, ka le bona ka pelong ya ka, ha ke rate ho tseba letho le lebe.
4 Pelo ya bakgopo a e eme hole le nna; ha ke rate ho tsebana le ya bolotsana.
Tlohang ho nna, lona ba etsang bobe, ke boloke melao ya Modimo wa ka.
Ha ke ahisane le batho ba leshano, ha ke kopane le baikaketsi.
Ke hloile mokgatlo wa ba etsang bobe, nke ke ka ahisana le ba kgopo.
Mahlo a ka a motela ke maswabi, a fifala ka baka la batubi ba ka.
Morena o hloile ba pelo di kgopo, empa o thabela ba metsamao e lokileng.
O se ke wa etsa setswalle le motho ya bohale, o se tlwaelane le sefelapelwana,
Ba lokileng ba nyonya ba sa lokang, ba sa lokang ba nyonya ba lokileng.
Morena o hloile ya sothang nnete, empa ya lokileng yena o a mo tshepa.
Ho tshaba Morena ke ho hloya bobe, ke hloile boikgohomoso, ke hloile le boikakaso, boitshwaro bo bobe le leshano le tsona ke di hloile.
Furallang ba se nang tsebo le tle le phele, le tsamaye tseleng ya kutlwisiso.
Mohlang oo ke tla ba bolella pepenene, ke re: ‘Ha ke a ka ka le tseba; tlohang ho nna, lona ba etsang bokgopo!’ ”
empa ke ile ka ntshwa ka fesetere, ka theolwa lerakong ke le ka sesiung, mme ka phonyoha matsohong a hae.
Leha ho le jwalo, motheo o tiileng, oo Modimo a o entseng, o ntse o tsitsitse, o ngotswe mantswe ana: “Morena o tseba bao e leng ba hae,” le ana: “Bohle ba rapelang Morena ba hlobohe bokgopo.”