Pesalema ya bara ba Kora. Sefela. Thothokiso e nang le thuto, ya Hemane wa Moesera. E qapetswe motsamaisi wa dibini. Ke ya nakong ya malwetse le matshwenyeho.
Hoba ke utlwe dipolelo tsa hao, di ile tsa ka bohobe ho nna, ka di ja, ya eba thabo le monyaka wa pelo ya ka, hobane nna ke bitswa ka lebitso la hao, oho, wena Morena, Modimo wa mabotho!
Ya eba mohlolohadi ho fihlela a eba le dilemo tse mashome a robedi a metso e mene. O na sa tlohe Tempeleng, a sebeletsa Modimo bosiu le motsheare ka ho itima dijo le ka ho rapela.
Bana beso, le tla hopola kamoo re neng re sebetse ka thata kateng, ra fufulelwa! Ra na ra sebetsa motsheare le bosiu, hore ha re ntse re le bolella molaetsa o molemo wa Modimo, re se ke ra kgoka mang kapa mang wa lona.
Ke leboha Modimo, eo ke mo sebeletsang ka letswalo le kgutsitseng jwaloka bo-ntata rona moholo. Kamehla, bosiu le motsheare, ha ke phetse ho o hopola dithapelong tsa ka.
Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang.