Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diketso 8:3 - BIBELE

3 Empa Saule yena a ripitla kereke, a kena ka tlung e nngwe le e nngwe, a hulanya banna le basadi, a ba hlahlela tjhankaneng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Empa Saule o ne a ntse a hlorisa kereke, a kena ka matlung, a hulela banna le basadi kantle, a ba kenya teronkong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Haele Saule, a qhala kereke, a kena ka tlung e nngwe le e nngwe, a hula banna le basadi, a ba kenya teronkong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Haele Saule, a qhala kereke, a kena ka tlung e nngwe le e nngwe, a hula banna le basadi, a ba kenya teronkong.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 8:3
13 Referencias Cruzadas  

Yare ha beng ba lona ba bona hore tshepo ya bona ya ho rua e fedile, ba tshwara Paulosi le Silase, ba ba hulanyetsa lebaleng la motse, ho babusi.


“Ka re: ‘Morena, ba a tseba hore ba dumelang ho wena ke ne ke ba hlahlela tjhankaneng, ke ba shapela ka matlung a thapelo.


Ba mo kgarameletsa kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe. Dipaki tsa bea diaparo tsa tsona maotong a mohlankana ya bitswang Saule.


Banna ba tshabang Modimo ba epela setopo sa Setefane, mme ba mo llela haholo.


Bohle ba mo utlwang ba makala, ba re: “Na eo hase yena ya ileng a fedisa bohle ba rapelang Jesu, Jerusalema, ya bileng a tlileng moo ka hona hoo, hore a ba tlame, a ba ise ho baprista ba baholo na?”


Ho baapostola ke nna e monyenyane, ho bile ho a roneha hore ke bitswe moapostola, hobane ke ile ka hlorisa kereke ya Modimo.


Efela le utlwile tsa metsamao ya ka ya mehleng e fetileng, ke sa le wa tumelo ya Sejuda, le kamoo ke nnileng ka hlorisa Kereke ya Modimo hampe kateng, ke leka ho e fedisa.


ka nqeng ya tjheseho ke ne ke le mohlorisi wa kereke; ka nqeng ya ho loka ho tswang Molaong, ha ke nyatsehe.


leha pele ke ne ke le monyefodi, le mohlorisi, le moikakasi. Empa ke ile ka hauhelwa, kaha tsena ke di entse ke sa tsebe, ke eso be le tumelo.


Empa lona le hlompholotse mofutsana. Na hase barui ba le hatellang, ba le hulelang makgotleng?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos