Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diketso 26:2 - BIBELE

2 “Kgosi Ageripa, ke iphumana ke le lehlohonolo ha e le mona kajeno ke tla ikarabella kapele ho wena, hodima tseo ke qoswang ka tsona ke Bajuda;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Morena Agripa, ke re ke lehlohonolo ha ke tla ikarabela kajeno pela hao, hodima tsohle tseo Bajuda ba nqosang ka tsona;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Kgosi Ageripa, ke ipona ke le lehlohonolo, hobane kajeno ke tla ikarabela pela hao malebana le tsohle tseo Bajuda ba nqosang ka tsona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Kgosi Ageripa, ke ipona ke le lehlohonolo, hobane kajeno ke tla ikarabela pela hao malebana le tsohle tseo Bajuda ba nqosang ka tsona.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 26:2
10 Referencias Cruzadas  

Ke tla bua ka ditemoso tsa hao, ke bue ka tsona kapele ho dikgosi, ke sa hlajwe ke dihlong.


Ha ba neelana ka lona, le se ke la itshwenya ka hore na le tla bua jwang, le reng. Ka yona nako eo le tla newa hore na le reng,


“Ha ba le hulela pela matlo a thapelo, le pela baahlodi, le babusi, le se ke la itshwenya ka hore na le tla bua jwang kapa eng, kapa le reng,


“Empa pele ho tseo tsohle ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba neelane ka lona matlung a thapelo le ditjhankaneng, ba le ise pela mahosi le babusisi ka baka la lebitso la ka.


Ha ho letho le tiileng leo nka le ngollang kgosi ya ka. Ka baka leo, ke mo tlisitse kapele ho lona, haholoholo kapele ho wena, kgosi Ageripa, e le hore, ha ho se ho entswe hlahlobo ke tle ke be le seo nka se ngolang.


Ageripa a re ho Paulosi: “O dumeletswe hore o ipuelle.” Yaba Paulosi o otlolla letsoho, mme a ikarabella, a re:


“Ke ka hona, kgosi Ageripa, ke sa kang ka hana ho mamela pono eo ya lehodimo.


Kgosi e tseba tsena tsohle; ke ka baka leo ke buang ka sebete, hobane ke kgolwa hore ha ho letho le patilweng ho yona, hobane ha di a etsetswa sephiring.


haholo ha o bile o le setsebi sa meetlo yohle le dikgang tsohle tsa Bajuda. Ke ka hona ke kopang hore o be pelonolo ho mmamela.


Meloko ya rona e leshome le metso e mmedi, ha e ntse e pheella ho sebeletsa Modimo motsheare le bosiu, e tshepile hore tshepiso eo e tla phethahatswa, mme ke ka baka la yona tshepiso eo, kgosi, ke qoswang ke Bajuda.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos