Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diketso 12:3 - BIBELE

3 Yare ha a bona hore taba eo e kgahlile Bajuda, a eketsa ka ho tshwara Petrose. E ne e le matsatsi a mokete wa bohobe bo sa lomoswang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Yare ha a bona hobane hoo ho kgahlile Bajuda, a eketsa a tshwara le yena Petrose. E ne e le ka matsatsi a mahobe a se nang ditomoso.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Yare hobane a bone hoba ho kgahlile Bajuda, a tswela pele ho tshwara le Petrose. (Joale e ne e le matsatsi a mahobe a sa lomosoang.)

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Yare hobane a bone hoba ho kgahlile Bajuda, a tswela pele ho tshwara le Petrose. (Joale e ne e le matsatsi a mahobe a sa lomosoang.)

Ver Capítulo Copiar




Diketso 12:3
18 Referencias Cruzadas  

ha Modimo a ema ho ahlola bohle, le ho pholosa bohle, bohle ba eisehang ba lefatshe.


“O tla etsa mokete wa bohobe bo sa lomoswang; ka matsatsi a supileng o je bohobe bo sa lomoswang, jwalokaha ke o laetse, ka nako e beilweng, ka kgwedi ya Mmesa, hobane ke ka yona o tswileng naheng ya Egepeta. “Ho se be ya tla hlaha kapele ho nna a itsolokile.


Ka letsatsi la pele la mokete wa bohobe bo sa lomoswang, barutuwa ba tla ho Jesu, ba re: “O rata ha re o lokisetsa ho jela Paseka kae?”


hobane ba ne ba rata tlotla e tswang ho batho ho feta tlotla e tswang ho Modimo.


Jesu a araba, a re: “O ka be o se na matla a letho hodima ka, ha o ne o sa a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya o neileng nna o na le sebe se fetang.”


Kannetenete, ke a o bolella, ha o ne o sa le motjha o ne o ikapesa, o tsamaya moo o ratang teng, empa ha o se o tsofetse, o tla otlolla matsoho a hao, mme e mong o tla o apesa, a o ise moo o sa rateng teng.”


Hoba a mo tshware, a mo kenya tjhankaneng, a mo neela dihlopha tse nne tsa bahlabani ba bane sehlopheng ka seng, hore ba mo lebele, a hopotse ho mo hlahisa kapele ho setjhaba kamora Paseka.


Yaba Petrose, a ena le ba leshome le motso o mong, o a ema, o phahamisa lentswe, o re ho bona: “Banna ba Judea, le lona baahi bohle ba Jerusalema, tsebang sena, mme le mamele mantswe a ka ka tsebe e lethwethwe.


Hoba ho fete matsatsi a mokete wa bohobe bo sa lomoswang, ra kena ka sekepeng, ra tloha Filipi, mme kamora matsatsi a mahlano ra fihla ho bona, Terowase; teng ra hlola matsatsi a supileng.


Kamora dilemo tse pedi Felekise a hlahlangwa ke Porokiose Fesetose, mme ka ho rata ho kgahlisa Bajuda, Felekise a siya Paulosi ditlamong.


Empa Fesetose, ka ho rata ho kgahlisa Bajuda, a botsa Paulosi, a re: “Na o lakatsa ho nyolohela Jerusalema ho ya ahlolelwa diqoso tsee kapele ho nna na?”


Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, ba lemoha le hore ha ba a ruteha, ke batho feela, ba makala. Ba ba ba tseba hore ke ba bileng le Jesu.


Na ebe ke rialo ho kgahlisa batho kapa Modimo? Na ebe ke batla ho thabisa batho? Hoja ke sa ntsane ke thabisa batho, nka be ke se mohlanka wa Kreste.


empa re bua jwalokaha Modimo a rata, yena ya re amohetseng, a re nea molaetsa o molemo. Ha re lakatse ho kgahlisa batho, re lakatsa ho kgahlisa Modimo ya hlahlobang dipelo tsa rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos