Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 5:22 - BIBELE

22 “Le wena Beleshasare, mora wa hae, ha o a ka wa ikokobetsa, le hoja o tsebile tsena tsohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Empa wena, mora wa hae, Belshatsare, ha o a ka wa kokobetsa pelo ya hao, leha o tsebile taba tseo kaofela;

Ver Capítulo Copiar




Daniele 5:22
17 Referencias Cruzadas  

Ha a a ka a ikokobetsa kapele ho Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ile a ikokobetsa. Amona a nna a eketsa molato wa hae.


A etsa bobe mahlong a Morena Modimo wa hae. A se ke a ikokobeletsa moporofeta Jeremia, eo e neng e le molomo wa Morena.


Ke tla bua ka ditemoso tsa hao, ke bue ka tsona kapele ho dikgosi, ke sa hlajwe ke dihlong.


Moshe le Arone ba ya ho Faro, ba re ho yena: “Morena Modimo wa Baheberu, o bua tjena, o re: ‘O tla hana ho ikokobetsa kapele ho nna ho fihlela neng? Lokolla setjhaba sa ka, se yo ntshebeletsa.


Lefatshe ke tla le otla, ke le otlele bokgopo ba lona, ba kgopo le bona ke ba otle, ke ba otlele dibe tsa bona, boikakaso ba ba itjang ke bo fedise, boikgohomoso ba bompodi ke bo kokobetse.


O ile wa bua ka pelo, wa re: “Ke tla nyolohela lehodimong, ke phahamise terone ya ka, ke e phahamisetse kahodimo ho dinaledi tsa Modimo, ke bee terone ya ka thabeng eo ho phuthehelwang ho yona, ke e bee tlhorong e phahameng ya thaba e ka leboya.


Leha ba kgopo ba ka hauhelwa, ha ba ke be ba ithute ho loka; leha ba ka phela naheng ya toka, ba tswela pele ho nna ba etsa bokgopo, botlotlehi ba Morena ba se ke ba bo bone.


“Oho, wena kgosi, Modimo ya hodimodimo o ne a nee ntatao Nebukadenesare, mmuso le botlotlehi le tlotla le hlompho.


Johanne o ne a ile a re ho Heroda: “Ha ho dumellehe hore o mo nyale.”


Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba ile ba mo dumela. Feela leha le bone, ha le a ka la ikwahlaya hamorao, la mo dumela.”


“Empa mohlanka eo ya tsebileng thato ya monga hae, yaba ha a lokise leha e le ho etsa ho ya ka thato eo, o tla shapuwa haholo;


Ha le tseba tsena, le lehlohonolo ha le ka di etsa.


Ka baka leo, ya tsebang ho etsa ho hotle, empa a sa ho etse, o etsa sebe.


Empa Modimo o re neile mohau o moholo ka ho fetisa. Ke ka hona ho thweng: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikokobetsi o a ba hauhela.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos