Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 5:14 - BIBELE

14 Ke utlwile ho thwe moya wa medimo o teng ka ho wena, le hore o na le kelello e tjhatsi, le kutlwisiso, le bohlale bo hlollang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke utlwile ha ho bolelwa, ho thwe, moya wa Modimo o ho wena, le hoba ho fumanwa ho wena lesedi, le kutlwisiso, le bohlale bo phahamileng.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 5:14
8 Referencias Cruzadas  

Faro a re ho Josefa: “Ke lorile toro, mme ha ho le ya mong ya ka e hlalosang, empa ke utlwile ho thwe wena ha o utlwa toro, o ye o e hlalose.”


Yaba Faro o re ho bahlanka ba hae: “Na re ka fumana monna ya kang eo; monna eo moya wa Modimo o leng teng ka ho yena?”


Diphiri di senolwa ke yena, tse mafifing le tsona o a di tseba, leaho la lesedi le fumanwa ho yena.


Qetellong Daniele o ile a tla ho nna. Lebitso la hae ke Beleteshasare, hobane o reeletswe modimo wa ka, o bile o na le moya wa medimo e halalelang ka ho yena. Ke ile ka mo phetela toro ya ka, ka re:


Daniele a tliswa kapele ho kgosi, mme kgosi ya bua ho yena, ya re: “Na ke wena Daniele, e mong wa bathopuwa ba Bajuda bao ntate, eo e neng e le kgosi, a neng a ba tlise kwano, ba etswa naheng ya Juda?


Bahlalefi le balepi ba dinaledi ba ile ba tliswa kapele ho nna hore ba bale mongolo ona, mme ba ntlhalosetse seo o se bolelang, empa ba ile ba sitwa ho ntlhalosetsa.


Daniele a ikgetha hara baokamedi le mahosana, hobane moya wa bohlale o ne o le ka ho yena. Kahoo kgosi ya rera ho mo etsa mookamedi wa puso yohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos