Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 3:22 - BIBELE

22 Ka baka la hobane kgosi e ne e entse taelo e thata ya hore sebopi se beswe ho feta tekanyo, malakabe a mollo a ile a bolaya banna ba neng ba kakasitse bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Mme kahobane taelo ya morena e ne e le thata, le kahobane sebopi se ne se besitswe ka ho fetisisa, batho bao ba akgetseng Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego ba eshwa ke lebatama la mollo.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 3:22
10 Referencias Cruzadas  

A tsamaya, a fumana setopo sa moporofeta wa Modimo se rapaletse kahara tsela, tonki le tau di ntse di eme pela sona. Tau e ne e sa ka ya ja setopo, kapa ya harola tonki.


Baegepeta ba sututsa setjhaba sa Iseraele ka matla, ho se potlakisa hore se tswe naheng ya bona, hobane ba ne ba re: “Kaofela ha rona re lekgatheng la ho shawa!”


Ya lokileng o pholoswa tsietseng ya hae, ebe ya kgopo yena o wela ho yona.


Ya kgopo o rekiswa bakeng sa ya lokileng, ya sa tshepahaleng yena bakeng sa ya kgabane.


Mookamedi wa bahlanka ba kgosi a ba rea mabitso asele, a re Daniele ke Beleteshasare, Hananiya ke Shaderaka, Mishaele ke Meshake, Asariya ke Abedenego.


A re ho Arioke, molaodi wa balebedi ba kgosi: “Ke ka baka lang ha kgosi e entse taelo e sehloho hakanakana?” Arioke a hlalosetsa Daniele.


Kgosi ya laela hore ho tliswe banna ba ileng ba qosa Daniele, mme banna bao, le bana ba bona, le basadi ba bona ba akgelwa ka mokoting o moholo wa ditau. Hang feela ba eso ka ba re qi! fatshe, kahara ditau, ditau tseo tsa ba qhautsa, tsa ba robokela kaofela ha bona.


Hoba a akgele ditjhelete tseo ka Tempeleng, a tloha, a ya iphenetha.


Ha Heroda a mmatla, mme a sa mo fumane, a botsisisa balebedi, a nto laela hore ba bolawe. Yaba Heroda o theoha Judea, o ya Sesaria, mme a dula teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos