Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 11:43 - BIBELE

43 E tla ikgapela matlotlo a kgauta le a silefera, le maruo wohle a bohlokwa a Egepeta, mme Balebia le Bakushe ba tla e sebeletsa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

43 O tla ikgapela maruo a dikgauta le a disilefera, le a tsohle tse lakatsehang tseo Egepeta a nang le tsona; Balibia le Baethiopia ba tla latela mehlala ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 11:43
9 Referencias Cruzadas  

A futuha ka dikariki tsa ntwa tse sekete le makgolo a mabedi, le ka bahlabani ba palamang dipere ba dikete tse mashome a tsheletseng. O ne a ena le setjhaba se neng se ke ke sa balwa ke bongata, se tlileng le yena ho tswa Egepeta, e le Balebia, le Basuke, le Bakushe.


Bahlanka bana ba hao bohle, ba tla tla ho nna, mme ba nkgumamele, ba re: ‘Tsamaya, wena le batho bohle ba o setseng morao,’ mme kamorao ho moo le nna ke tla tsamaya.” Moshe a tloha ho Faro, kgalefo ya Faro e tlokoma.


Peresiya le Kushe le Pute di tla ba le bona, bohle ba le dithebe le dikatiba tsa tshepe,


Puso ya yona e tla namela dinaheng tse ngata, mme le naha ya Egepeta e ke ke ya phonyoha.


Empa e tla tshoswa ke madume a hlahang botjhabela le leboya, e futuhe ka kgalefo e kgolo, mme e ripitle, e timetse ba bangata.


Kushe le Egepeta di ne di e hlomella, di e hlomella, ho se na moedi; Pute le Lebia tsona di e thusetsa.


Barake a bitsetsa banna ba Sebulone le ba Nafthali Kedeshe, mme a nyolohela teng a ena le banna ba dikete tse leshome. Debora a nyoloha le yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos