Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 11:34 - BIBELE

34 Ha setjhaba sena se ntse se bolawa jwalo, se tla fumana thuso e seng kae, empa ba bangata ba tla se kgomarela ka bolotsana.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Empa leha ba ka wa, ba tla bona thuso e se ekae, mme ba bangata ba tla ikopanya le bona ka boikaketsi.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 11:34
22 Referencias Cruzadas  

“Kgosi ya Siria e tla hlahlangwa ke monna ya kgopo, ya sa lokelang ho ba kgosi. Monna eo o tla tla a sa lebellwa, a ikgapele mmuso ka bolotsana.


Ba kwenehetseng selekane e tla ba hapa ka leleme le monate, empa setjhaba se tsebang Modimo wa sona se tla e hanyetsa se tiile.


“Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang.


hobane ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Kreste, empa ba sebeletsa dimpa tsa bona. Ka dipuo tse monate, tse qekang, ba thetsa dipelo tsa ba se nang bobe.


Hona e ne e le ho hanyetsana le badumedi ba bohata, ba tlileng ka bononnori ho tla iketsa dihlwela tse tlilo hlwela tsa bolkolohi boo re nang le bona ho Kreste Jesu, hore di tle di re etse makgoba.


Nako e a tla eo ka yona ba sa tlong ho mamella thuto ya nnete, empa ho ya ka ditakatso tsa bona ba tla ipokellela baruti ba bangata, ba tlang ho ba bolella tse natefelang ditsebe tsa bona.


Eka kgona ba jwalo ba kgutsiswe, hobane ba qhala malapa ka ho ruta tse sa tshwanelang, hore ba ithuise ka mano.


Baratuwa, le se ke la dumela mang kapa mang ya reng o na le Moya. Le mpe le hlahlobe hore na moya oo wa bona o tswa ho Modimo, hobane hohle lefatsheng ho tletse baporofeta ba bohata.


Bona ke ba lefatshe; kahoo ba bua tsa lefatshe, mme lefatshe le a ba mamela.


Hohle lefatsheng ho tletse bathetsi, ba sa pakeng hore Jesu o ile a tla e le motho. Ya buang jwalo ke yena mothetsi le Sera sa Kreste.


Ho na le batho ba bang ba keneng hara lona ka sekgukgu, bao kahlolo ya bona e leng kgale e ngotswe. Ke ba kgopo, ba nkang mohau wa Modimo wa rona e le tumello ya ho etsa tse manyala; ke ba latolang Monga rona ya inotshi, le Morena wa rona Jesu Kreste.


Yare ha kganyapa e lemoha hore e dihetswe lefatsheng, ya lelekisa mosadi ya belehileng ngwana e motona.


“Leha ho le jwalo, seo ke se nyatsang ho wena ke hore o dumella Jesabele, mosadi ya reng ke moporofeta, ho kgelosa bahlanka ba ka, ka ho ba ruta ho etsa bohlola, le ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos