Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 11:26 - BIBELE

26 Batshepuwa ba yona ba tla e diha. E tla bolaelwa bahlabani ba bangata, mme lebotho leo la yona le timetswe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ba jang dijo tsa hae tse lakatsehang ba tla mo diha, makgotla a hae a tla qhalana, mme ba tla bolawa ba le bangata.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 11:26
11 Referencias Cruzadas  

Hasaele a tloha ho Elisha, a fihla ho monga hae. Monga hae a mmotsa, a re: “Elisha o itseng ho wena?” Hasaele a araba, a re: “O mpolelletse hore ruri o tla fola.”


Ba re: “O kenwe ke lefu le lebe, o rapaletse, a ke ke a hlola a tsoha.”


Bara ba kgosi eo ya Siria ba tla hlomela, ba kgobokanye mabotho a mangata, a maholo, a tla tla ka sekgahla jwaloka morallo, a futuhele qhobosheane ya ba direng.


Bohle ba mo emang kapele o tla ba hohola jwalokaha sekgohola se hohola, a ba timetse, a timetse le yona kgosana ya selekane.


“Ha mehla ya bofelo e fihla, kgosi ya Egepeta e tla futuhela kgosi ya Siria, empa kgosi eo ya Siria le yona e tla kgahlanyetsa kgosi ya Egepeta jwaloka setsokotsane, ka dikariki tsa ntwa, le ka bapalami ba dipere, le ka dikepe tse ngata. E tla futuhela dinaha tse ngata, e di hohole jwaloka sekgohola.


A araba, a re: “Ya kentseng letsoho le nna ka sejaneng ke yena ya tla nkeka.


A re ho bona: “Ke e mong wa ba leshome le metso e mmedi, ya kenyang letsoho le nna ka sejaneng.


“Ha ke bue ka lona bohle; ke tseba bao ke ba kgethileng. Empa Mangolo a reng: ‘Eo ke ntshanang se inong le yena, o nthahile ka serethe,’ a tshwanetse ho phethahala.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos