Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 11:21 - BIBELE

21 “Kgosi ya Siria e tla hlahlangwa ke monna ya kgopo, ya sa lokelang ho ba kgosi. Monna eo o tla tla a sa lebellwa, a ikgapele mmuso ka bolotsana.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Mme ho tla tsoha e mong tulong tsa hae, ya nyatsehang, ya sa lokelweng ke ho bewa morena, mme o tla itlhahisa ka kgotso, a ikgapele borena ka mano.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 11:21
17 Referencias Cruzadas  

Ke wena Morena, ya re lebelang, ya re sireletsang kamehla molokong ona,


ya nyedisang ya kgopo, empa a hlompha ba tshabang Morena. Leha a ka senyehelwa, ha a kwenehele kano ya hae.


Molekane wa ka o futuhetse metswalle ya hae, o robile selekane sa hae.


Sethoto se ke ke sa hlola se bitswa kgosana, kapa senokwane sa hlompheha haholo;


“E tla hlahlangwa ke kgosi e nngwe, e tla romela mmokelli wa lekgetho, e le hore leruo la mmuso wa yona le tle le eketsehe. Empa kamora nakwana kgosi eo e tla bolawa ka sekgukgu, e seng ntweng.”


Ba kwenehetseng selekane e tla ba hapa ka leleme le monate, empa setjhaba se tsebang Modimo wa sona se tla e hanyetsa se tiile.


Ha setjhaba sena se ntse se bolawa jwalo, se tla fumana thuso e seng kae, empa ba bangata ba tla se kgomarela ka bolotsana.


“Kamora moo, e mong wa leloko la mosadi eo e tla ba kgosi. O tla futuhela mabotho a kgosi ya Siria, a hape qhobosheane ya wona, mme a a hlole.


“ ‘Qeto ena e phatlaladitswe, ya phatlalatswa ke maqosa, kahlolo ya etswa ke ba halalelang, e le hore batho bohle ba tle ba tsebe: Ya Hodimodimo o laola mmuso wa batho, o o nea ofe le ofe ya ratwang ke yena, kapa a hlomamise mofo setulong sa kgosi.’


“Ha ke ntse ke tadimile manaka ana, ka bona lenakana le leng le runya pakeng tsa a mang, mme le runyola a mararo a pele. Lenakana lena le ne le ena le mahlo a kang a motho, le molomo o buang ka boikakaso.”


“Mehleng ya qetelo ya mebuso eo, ha sebe se atile ka ho fetisisa, kgosi e lonya, e soro, e tla hlaha, kgosi e hlalefetseng tsohle, tsohle tsa bolotsana.


Ka maqiti a yona bolotsana bo tla atleha, ka pelong ya yona boikgohomoso bo tote, ba bangata e ba timetse hoja ba iketlile. E tla futuhela le Kgosana ya mahosana, qetellong e ripitlwe e se ka letsoho la motho.


Lenakeng le leng ha mela lenaka le lenyenyane, le ileng la hola haholo, matla a lona a tsejwa borwa, le botjhabela, le naheng e kgahlehang.


Malebana le Ninife, Morena o entse taelo: “Wena Ninife o tla hloka ditloholo, tloholo tse tla bitswa ka lebitso la hao. Medingwana ya hao ke tla e pshatla, ke e pshatlele ka tempeleng ya yona, ke pshatle le yona e bopilweng. Bitla la hao ke tla le etsa sesomo.”


Ke mmoleletse hore kahlolo ya ntlo ya hae e tla ba ya mehla yohle, ka baka la bokgopo ba yona, hobane o tsebile hore bana ba hae ba itliseditse thohako, empa ha a ka a ba kgalemela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos