Daniele 11:18 - BIBELE18 Hamorao e tla futuhela ditjhaba tse ahileng mabopong a lewatle, mme e hape tse ngata. Empa molaodi e mong osele o tla e hlola, a fedise boikgohomoso ba yona. Ruri boikgohomoso ba kgosi ya Siria bo tla fetohela monga bona. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)18 O tla lebisa mahlo a hae nqa dihlekehlekeng, mme o tla ikgapela tse ngata ho tsona; empa morena e mong o tla kokobetsa nyefolo ya hae, a busetse dinyefolo tsa hae ho yena. Ver Capítulo |
“Ke tla etsa pontsho hara bona, ba phonyohileng ke ba romele ditjhabeng tsa Tarshishe, le Pule, le Lode, e leng tsona tse tummeng ka ho fula ka metsu. Ke tla ba romela Tubale le Jafane, le dihlekehlekeng tse hole, tse eso utlwe botumo ba ka, tse eso bone le yona tlotla ya ka; ba tla phatlalatsa tlotla ya ka hara ditjhaba.