Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baroma 7:3 - BIBELE

3 Ka baka leo, ha monna wa hae a ntse a phela, o tla bitswa mofebi ha e ka ba wa monna e mong, empa ha monna wa hae a shwele, mosadi o lokolotswe molaong, hore e se be mofebi ha e ka ba wa monna e mong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ha ho le jwalo, ha a ka nyalana le monna e mong, monna wa hae ha a sa phela, o tla bitswa mofebi; empa ha monna wa hae a shwele, o holotswe molaong, mme jwale, ha a ka nyalana le monna e mong, a ke ke a bitswa mofebi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Ha ho le jwalo, ha a ka nyalwa ke monna e mong, monna wa hae ha a sa phela, o tla bitswa mofebi; hore e tle e se be mofebi, leha a ka nyalwa ke monna e mong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ha ho le jwalo, ha a ka nyalwa ke monna e mong, monna wa hae ha a sa phela, o tla bitswa mofebi; hore e tle e se be mofebi, leha a ka nyalwa ke monna e mong.

Ver Capítulo Copiar




Baroma 7:3
12 Referencias Cruzadas  

“O se ke wa feba.


“ ‘Haeba monna ofe kapa ofe a feba le mosadi wa monna e mong, bobedi ba batho bao ba febang ba tla bolawa.


Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya hlalang mosadi wa hae, haese ka taba ya bohlola, o a mo febisa, mme ya nyalang mosadi ya hladilweng o a feba.”


Mosadi ya nyetsweng o tlameletswe ke molao ho monna wa hae, ha monna a ntse a phela, empa ha monna a shwele, o lokolotswe molaong wa monna.


Ka mokgwa o jwalo, bana beso, le lona le shwele ka nqeng ya Molao wa Moshe, ka baka la ho ba mmele wa Kreste, hore le be ba e mong: Ke ho re le be ba ya tsohileng bafung, e le hore re tle re etse mosebetsi wa Modimo.


Ruthe a re: “Ako nkgauhele, morena ka; o ntshedisitse, mme o buile ka mosa ho lekgabunyane la hao, le hoja ke sa tshwane le le leng la makgabunyane ana a hao.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios