Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baroma 3:3 - BIBELE

3 Jwale haeba ba bang ba sa ka ba tshepahala, na ho se tshepahale hoo ha bona ho ka fedisa ho tshepahala ha Modimo?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hleka leha ba bang ho bona ba sa ka ba dumela, ho se dumele ha bona ho ka fosisa ho tshepeha ha Modimo na?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Ho ka ba jwang ha ba bang ba sa ka ba dumela? na ho se lumele ha bona ho tla etsa hore tumelo ea Molimo e be lefeela?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ho ka ba jwang ha ba bang ba sa ka ba dumela? na ho se lumele ha bona ho tla etsa hore tumelo ea Molimo e be lefeela?

Ver Capítulo Copiar




Baroma 3:3
19 Referencias Cruzadas  

Ha ba feta kgohlong e omeletseng, e fetoha didiba; le yona pula ya selemo e e apesa ka mahlohonolo.


le dipolelo tseo ke di buang di jwalo, di ke ke tsa kgutlela ho nna di sa sebetsa letho, empa di tla phethahatsa seo ke se ratang, di phethe merero eo ke di rometseng ho e phetha.


Modimo hase motho hoo a ka buang leshano, hase mora wa motho hoo a ka inyatsang. Na seo a se bolelang a ke ke a se etsa? Na seo a se buileng a ke ke a se phetha?


Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.”


Mohaung wa hae o kgaphatsehang, rona bohle re amohetse mohau hodima mohau,


Empa hase bohle ba mametseng molaetsa o molemo, hobane Esaya o itse: “Morena, ke mang ya dumelang seo re se bolelang?”


hobane Modimo ha a kwenehele bao a ba sitsitseng, le bao a ba bitsitseng.


Empa hase hore lentswe la Modimo ha le a ka la atleha, hobane hase hore ditloholo tsohle tsa Iseraele ke Baiseraele ba sebele.


Rona bohle, jwaloka seiponeng, re bonahatsa tlotla ya Morena ka difahleho tse kgurumolotsweng, mme yona tlotla eo, e tswang ho Morena e leng Moya, e re fetola hore re tshwane le yena; re ntse re atelwa ke tlotla hoyahoile.


Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.


haeba re sa tshepahale, yena o tla nne a tshepahale hobane ha a ka ke a fetoha.”


Re boleletswe molaetsa o molemo jwaloka bona, empa lentswe leo ba le rutilweng ha le a ba tswela molemo, hobane ba le utlwileng ha le a ka la ba lomosa tumelong.


Modimo, e leng tlotla ya Iseraele, a ke ke a bua leshano, kapa a fetola maikutlo a hae. Yena hase motho, hoo a ka fetolang maikutlo a hae.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios