Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baroma 2:3 - BIBELE

3 Jwale wena motho ya ahlolang ba bang ba etsang tse jwalo, empa o ntse o di etsa, na o hopola hore o tla phonyoha kahlolong ya Modimo?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mme wena motho, o ahlolang ba etsang tse jwalo, athe le wena o a di etsa, hleka o hloma ekaba wena o tla phema kahlolo ya Modimo na?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Mme wena motho, wena ya ahlolang ba etsang tse jwalo, le wena o di etsang, a o hopola hore o tla phonyoha kahlolo ya Modimo na?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Mme wena motho, wena ya ahlolang ba etsang tse jwalo, le wena o di etsang, a o hopola hore o tla phonyoha kahlolo ya Modimo na?

Ver Capítulo Copiar




Baroma 2:3
22 Referencias Cruzadas  

mahosana a Baamone a re ho Hanune, monga wona: “O bona eka ke hobane Davida a tlotla ntatao ha a rometse maqosa ho tla o tshedisa? Na hase ho tla hlahloba motse, le ho o hlwela, hore a tle a o hape?”


“Na o bona ho nepahetse ha o re: ‘Nna ke lokile ho feta Modimo?’


Tsena o di entse; jwale o re nka kgutsa? O hopola hore ke tshwana le wena? Ke tla o kgalemela, ke totobatse tsohle mahlong a hao.


Ba a bokana, ba ipatele nna, ba lalle metsamao ya ka, ba ntse ba tsoma bophelo ba ka.


Ruri ba kgopo ba tla ahlolwa, ba lokileng bona ba pheme kahlolo.


Motho ya ikgantshang, Morena o a mo nyonya, ya jwalo Morena o tla mo ahlola.


Empa kgosana e ile ya fetohela kgosi ya Babilona, ya romela maqosa a yona Egepeta, ya kopa hore e thuswe ka dipere le ka bahlabani ba bangata. Na kgosana eo e tla atleha? Na ya etsang tse tjee a ka phonyoha? Na a ka senya selekane yaba o a lopoloha?


O nyedisitse kano ka ho senya selekane seo a neng a se hlapanyeditse, a etsa dintho tsena tsohle; kahoo a ke ke a phonyoha.


Motho eo a re ho nna: “Se tshabe, wena ya ratwang haholo. Kgotso e be le wena! Matlafala, e, matlafala!” Hoba a bue le nna ka matlafala, ka re: “Bua, monga ka, hobane jwale o mmatlafaditse.”


“Dinoha ting! Madinyane a marabe! Kahlolo ya dihele le tla e phonyoha jwang?


Kapa o lekanya hore ke sitwa ho rapela Ntate, a nthomelle hona jwale mabotho a mangeloi a fetang leshome le metso e mmedi?


Jesu a re ho yena: “Monna heso, ya mpeileng moahlodi kapa moaroledi wa lona ke mang?”


Ho se hokae e mong a mmona, a re: “Le wena o wa bona.” Petrose a re: “He, monna, ha ke yena!”


Empa Petrose a re: “Hela, monna, ha ke tsebe seo o se bolelang.” Hanghang, a sa bua, mokoko wa lla.


Leha ba tseba hantle taelo ya Modimo e reng ba etsang tse jwalo ba lokelwa ke lefu, ha ba di etse e le bona feela, empa ba bile ba thoholetsa le ba bang ba di etsang.


Ka baka leo, wena motho ya ahlolang, leha o ka ba mang kapa mang, o hloka boitatolo, hobane ka ho ahlola ba bang, o a ikahlola, kaha wena ya ahlolang o ntse o etsa tsona tseo.


Re tseba hore Modimo o ahlola ka nepo ba etsang tse jwalo.


Motho towe, o mang wena o ka arabisanang le Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: “Keng ha o mpopile tjee?”


Mohla batho ba reng: “Ke kgotso, ha ho kotsi,” ke mohla timelo e tla ba tsometsa jwalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Hlokomelang, le se ke la hana ho mamela ya buang. Baiseraele ba ileng ba hana ho mamela, ha a ba lemosa a le lefatsheng, ha ba a ka ba phonyoha. Jwale ebe rona re ka phonyoha jwang, haeba re furalla ya re lemosang a le lehodimong?


Jwale rona re tla phonyoha jwang, ha re eisa ho pholoswa ho hoholo hakaalo, hoo Morena e bileng wa pele ho ho bolela, mme ra ho pakelwa ka ho tiya ke ba ho utlwileng?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos