Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




BaHebheru 5:13 - BIBELE

13 Bohle ba fepjwang ka lebese e sa le masea, ba sitwa ho tseba ho nepahetseng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hobane e mong le e mong ya fepjwang ka lebese, o sitwa ho ikutlwela lentswe la ho loka; kahobane e sa le ngwana;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Hobane e mong le e mong ya nwang lebese ha a tsebe lentswe la ho loka, hobane ke lesea.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Hobane e mong le e mong ya nwang lebese ha a tsebe lentswe la ho loka, hobane ke lesea.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 5:13
15 Referencias Cruzadas  

Mahlo a ka a motela ke ho lebella ho pholosa ha hao, le ho lebella tshepiso ya hao, tshepiso ya hao e lokileng.


“Ke bo-mang bao moporofeta a tla ba ruta? Molaetsa wa hae o tla o hlalosetsa bo-mang? O loketse masea a sa tswa kgweswa, bana ba sa tswa tloswa letsweleng!


Ka nako eo, Jesu a tswela pele, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse ba jwaloka bana.


Kannete ke a le bolella, mang le mang ya sa amoheleng Mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, ha a ka ke a kena ho wona.”


morupedi wa dithoto, moruti wa ba esong ho be le kutlwisiso, le hore o fumane tsebo le nnete yohle Molaong.


Ha ke ne ke sa le ngwana, ke ne ke bua jwaloka ngwana, ke hopola jwaloka ngwana, ke nahana jwaloka ngwana, empa ha ke se ke le monna, ke tlohetse tsa bongwana.


Bana beso, le se ke la nahana jwaloka bana, le nahane jwaloka batho ba baholo, empa le be masea ka nqeng ya bobe.


Bana beso, nna ke sitilwe ho bua le lona jwalokaha ke ne nka bua le batho ba nang le Moya o Halalelang, empa ke buile le lona jwalokaha le le ba lefatshe, jwaloka masea ho Kreste.


Haeba tshebeletso e isang kahlolong e bile le tlotla, tshebeletso e isang ho lokeng e tla ba le tlotla e kgolo haholo hakaakang!


Ka hona ha re sa tla hlola re eba masea a tsokoletswang kwana le kwana, a fefolwang ke moya ofe le ofe wa dithuto tsa batho ba mano, ba kgelosang ka maqiti a bona.


Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo, mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya ho loka le ho ba tsamaisa ho yona,


Jwaloka masea a sa tswa hlaha, lakatsang lebese le hlwekileng la lentswe la Modimo, e le hore ka lona le tle le hodisetswe pholohong,


Ya mo dumedisang o iketsa molekane wa hae mesebetsing ya hae e kgopo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos