Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




BaHebheru 13:11 - BIBELE

11 Moprista e Moholo o tlisa madi a diphoofolo Sehalalelong e le nyehelo ka baka la sebe, empa ditopo tsa tsona di tjhesetswa kantle ho diahelo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ditopo tsa dikgomo tseo madi a tsona a nkelwang sehalalelong ke moprista e moholo ka baka la dibe, di tjheswa kantle ho setsha sa ditente.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Hobane ditopo tsa diphoofolo tseo madi a tsona a iswang Sehalalelong ke moprista e moholo bakeng sa sebe, ditopo tsa tsona di tjheswa kantle ho diahelo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Hobane ditopo tsa diphoofolo tseo madi a tsona a iswang Sehalalelong ke moprista e moholo bakeng sa sebe, ditopo tsa tsona di tjheswa kantle ho diahelo.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 13:11
13 Referencias Cruzadas  

Ha e le nama ya pohwana ena, le letlalo la yona, le moswang wa yona, o tla di tjhesetsa kantle ho diahelo tsa lona. Hona ke sehlabelo se etsetswang tefelo ya sebe.


O tla nka le pohwana ya nyehelo ya sebe, o e tjhesetse sebakeng se kgethetsweng hona sa Tempele, se kantle ho Sehalalelo.


Pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le podi ya nyehelo e tlosang sebe, tseo madi a tsona a ileng a tliswa ho tla etsa tefelo ya sebe ka Sehalalelong, di tla iswa kantle ho diahelo. Matlalo a tsona, le nama ya tsona, le moswang wa tsona, di tjheswe ka mollo.


Jwale o tla hlobola diaparo tsa hae, a apare tse ding, ebe o ntshetsa molora oo kantle ho diahelo, o o isa sebakeng se hlwekileng.


Phoofolo ya sehlabelo sa ho tshwarelwa sebe, eo madi a yona a ileng a tliswa ka Tenteng ya Morena, ho tla etsa tefelo ya sebe ka Sehalalelong, ha e ka ke ya jewa. E tla tjheswa ka mollo.”


Empa nama le letlalo a di tjhesetsa kantle ho diahelo.


Bara ba hae ba mo tlisetsa madi, mme a qopetsa monwana wa hae ka mading ao, a tlotsa manaka a aletare ka wona, mme a setseng a a qhalla motheong wa aletare.


O tla se nea moprista Eleasare, a se ntshetse kantle ho diahelo, se hlajwe moo a ntseng a bona.


Jwale moprista a hlatswe diaparo tsa hae, mme a tole ka metsi; kamora moo a kgutlele diahelong. Moprista o tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos