Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




BaHebheru 12:7 - BIBELE

7 Mamellang matshwenyeho e le kgalemelo ya Modimo ya le nkang le le bana ba hae. Ana ke mora ofe eo ntatae a sa mo kgalemeleng?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ekare ha le mamella ho lauwa, Modimo o le etsa jwaloka bara ba wona, hobane ke ofe mora eo ntatae a sa mo layeng?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Haeba le mamella tayo, Modimo o le etsa jwaloka bara; hobane ke mora ofe eo ntatae a sa mo layeng?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Haeba le mamella tayo, Modimo o le etsa jwaloka bara; hobane ke mora ofe eo ntatae a sa mo layeng?

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 12:7
16 Referencias Cruzadas  

Ke tla ba ntatae, mme yena e be mora wa ka, empa haeba a ka etsa bokgopo, ke tla mo otla ka thupa e kgalemelang bana, le ka meupa eo batho ba e shapang bana ba bona.


Haesale e le yena, ntatae o ne a eso ka a mo kgalemela le ka mohla, a re: “O etseditseng tjee?” Etswe Adoniya o ne a le motle haholo, a bile a hlahlama Abosalome.


Motho ya sa shapeng mora hae o mo hloile, athe ya ratang mora hae yena o a mo kgalema.


Laya ngwana wa hao o sa na le tshepo, o se thohothellwe ho mmolaya.


Bothoto bo tlameletswe ka pelong ya ngwana, empa thupa ya tayo e tla bo falatsa ka ho yena.


Thupa le kgalemo di tlisa bohlale, empa ngwana ya tlohetsweng feela, o hlabisa mmae dihlong.


Kgalema mora wa hao, o tla fumana phomolo, le moya wa hao o nyakalle.


Ba matlafatsa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa tumelong, ba re: “Eka kgona re kene Mmusong wa Modimo ka ho feta hara matshwenyeho a mangata.”


Empa re a tsuwa, mme re otlwa ke Morena, e le hore re tle re se ke ra ahlolwa mmoho le lefatshe.


Tsebelang ka dipelong tsa lona hore, jwalokaha ntata a kgalemela mora wa hae, le Morena Modimo wa lona, o le kgalemela jwalo.


Jwale ke ka baka lang ha o hlompholla sehlabelo sa ka, le nyehelo ya ka, eo ke laetseng hore e etswe ka leahong la ka; ebe o tlotla bara ba hao ho mpheta, hore o inontshe ka tse monatenate tsa dinyehelo tsohle tsa Baiseraele, e leng setjhaba sa ka?’


“ ‘Se tla etsahala ho bara ba hao ba babedi, e leng Hofeni le Finease, e tla ba pontsho ho wena: Bobedi ba bona ba tla shwa ka letsatsi le le leng.


Ke mmoleletse hore kahlolo ya ntlo ya hae e tla ba ya mehla yohle, ka baka la bokgopo ba yona, hobane o tsebile hore bana ba hae ba itliseditse thohako, empa ha a ka a ba kgalemela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos