Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




BaHebheru 12:12 - BIBELE

12 Ka baka leo, phahamisang matsoho a lona a kgathetseng, le matlafatse mangwele a lona a rerekelang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 A le ke le tiiseng ke hona matsoho a tepeletseng le mangwele a tetemang;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Ka baka leo, phahamisang matsoho a leketlileng, le mangole a tetemang;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Ka baka leo, phahamisang matsoho a leketlileng, le mangole a tetemang;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 12:12
11 Referencias Cruzadas  

Mangwele a ka a tsherema, a tsherema ke ho itima dijo, mmele wa ka o otile ke ho hloka mafura.


Matlafatsang matsoho a fokolang, le tiise le mangwele a rerekelang;


E tle ere ha ba o botsa, ba re: ‘O fehellwang?’ wena o tle o ba arabe, o re: ‘Ke ka baka la ditaba tse tlang. Dipelo tsohle di tla qhibidiha, matsoho wohle a fokole, sebete sohle se fele, le mangwele wohle a otlane ke letswalo.’ Taba tsena di a tla! Di tla phethahatswa, ho rialo Morena Modimo.”


Matsoho a bohle a tla kgathala, mangwele wohle a otlane ke letswalo.


Kgosi ya pudufallwa, ya tshwenyeha haholo maikutlong; letheka la yona la kgwehla, le mangwele a yona a otlana.


Ninife e futuhetswe, ya lobelwa, ya timetswa! Pelo di saretswe, mangwele a a tsherema, matla a fedile, fahleho tsohle di pudufetse.


Mohla tsatsi leo ba tla re ho Jerusalema: “Wena Sione, o se ke be wa tshaba, matsoho a hao a fele a tiye!


Bana beso, re a le rapela hore le kgalemele dikgoba, le kgothatse ba nyahameng dipelo, le thuse ba fokolang, le mamelle bohle.


Nahanang ya ileng a mamella dikganyetso tse kaalokaalo tsa baetsadibe, esere la nyahama dipelo, la kgathala.


mme le se le lebetse mantswe a kgothatsang, a builweng ho lona le le bana ba Modimo, a reng: “Mora wa ka, se nyedise kgalemelo ya Morena, se kgathale ha a o laya;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos