Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Bagalata 2:1 - BIBELE

1 Ha ho se ho fetile dilemo tse leshome le metso e mene, ka boela ka nyolohela Jerusalema, ke ena le Baranabase, le Tite a tsamaya le rona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yare hoba dilemo tse leshome le metso e mene di fete, ka boela ka nyolohela Jerusalema le Barnabase, re nkile Tite le rona;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Eitse hobane ho fete dilemo tse leshome le metso e mene, ka boela ka nyolohela Jerusalema le Barnabase, ka nka le Tite.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Eitse hobane ho fete dilemo tse leshome le metso e mene, ka boela ka nyolohela Jerusalema le Barnabase, ka nka le Tite.

Ver Capítulo Copiar




Bagalata 2:1
20 Referencias Cruzadas  

Jwale Baranabase a ya Tarasuse ho ya batla Saule,


Ba fela ba etsa jwalo, ba di romela ho baholo ka Baranabase le Saule.


Ha Baranabase le Saule ba se ba phethile mosebetsi wa bona, ba kgutla Jerusalema, ba tla le Johanne ya bitswang Mareka.


Ha ba ntse ba phetha tshebeletso ya Morena Jesu, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: “Nkgetheleng Baranabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bitseditseng wona.”


Empa Bajuda ba kenya moya ho basadi ba hlomphehang, ba hlomphang Modimo, le ho banna ba ka sehloohong ba motse, hore ba hlorise Paulosi le Baranabase, mme ba ba leleka naheng ya bona.


Yaba a bitsa Baranabase Seuse, le Paulosi Heremese, kaha e ne e le yena molomo wa bona.


Kahona re rerile ka moya o le mong ho roma ho lona banna ba kgethilweng, ba ena le baratuwa ba rona Baranabase le Paulosi,


Kapa na ke rona le Baranabase feela ba tlamehileng ho sebetsa hore re iphedise?


Empa ka se ke ka ba le phomolo moyeng, hobane ha ke a ka ka fumana ngwaneso, Tite. Yaba ke a dumedisa, mme ho tloha moo ka ya Masedonia.


A re leboheng Modimo ya kentseng mafolofolo a jwalo pelong ya Tite, ka baka la lona,


Tite ke molekane wa ka eo re le sebeletsang mmoho le yena; ha e le bana babo rona ke baromuwa ba dikereke, ho tlotlisa Kreste.


Kamora mona, hoba ho fete dilemo tse tharo, ka nyolohela Jerusalema ho ya tsebana le Kefase. Ka hlola le yena matsatsi a leshome le metso e mehlano,


Bajuda ba bang le bona ba ikaketsa jwaloka yena, hoo le Baranabase a bileng a kgeloswa ke boikaketsi boo ba bona.


Esita le yena Tite wa Mogerike, ya neng a ena le nna, ha a ka a qobellwa ho bolla.


Yare ha Jakobo, le Kefase, le Johanne, ba neng ba tadingwa e le ditshiya, ba hlokomela mohau oo ke o neilweng, ba re tshwara ka matsoho, rona le Baranabase, ho supa hore re tla sebedisana: rona re ye ho baditjhaba, mme bona ba ye ho Bajuda.


Le dumediswa ke Arisetarekose eo re leng ditlamong le yena, le Mareka motswala Baranabase, eo le seng le fumane ditaelo tse amanang le yena. Mo amoheleng, haeba a ka tla ho lona.


Ke a o dumedisa Tite, ngwanaka wa sebele tumelong, eo rona le wena re nang le yona, ke re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntate le ya Kreste Jesu, Mopholosi wa rona, di ke di be le wena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos