Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Bagalata 1:9 - BIBELE

9 Jwalokaha re se re ile ra rialo pele, le jwale ke sa boela ke rialo: Ha e mong a le bolella molaetsa o fapaneng le oo le o amohetseng, a ke a rohakehe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Jwalokaha re se re le boleletse pele, le jwale ke sa rialo: Ekare ha e mong a fela a le bolella Evangeli esele ho eo le e amohetseng, a neelwe anathema.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Jwalokaha re boletse pele, le jwale ke sa boela ke re: Ekare ha motho a le bolella Evangeli esele ho eo le e amohetseng, a be anathema.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Jwalokaha re boletse pele, le jwale ke sa boela ke re: Ekare ha motho a le bolella Evangeli esele ho eo le e amohetseng, a be anathema.

Ver Capítulo Copiar




Bagalata 1:9
13 Referencias Cruzadas  

Se eketse letho polelong tsa hae, esere a o kgalema, wa fumanwa o le leshano.”


Morena wa mabotho o bua tjena: “Le se ke la mamela mantswe a baporofeta, ba le porofetelang ka ho le bolella mafeela; ba bua ka dipono tse tswang mehopolong ya bona, e seng tse tswang ka molomong wa Morena.


Hoba a hlole teng nako e itseng a tloha, a tsamaya hohle naheng ya Galatia le Firigia ka ho latelana, a ntse a matlafatsa barutuwa bohle.


Bana beso, ke a le rapela hore le fadimehele ba bakang dikarohano, ba le kgelosang thutong eo le ithutileng yona. Le ba sesefe


Ke ne nka lakatsa hore ke be ya rohakehileng, ya arohantsweng le Kreste, bakeng sa baheso, bao ke leng seng le bona ka tswalo.


Ka boikemisetso bona, na ke ne ke tlaila? Kapa na merero ya ka ke ya botho feela, hoo ke tla re “e” le “tjhe” ka nako e le nngwe?


“Tsohle tseo ke le laelang tsona le hlokomele ho di phetha. Le se ke la eketsa letho, kapa la fokotsa letho ho tsona.”


Le se ke la eketsa letho ho tseo ke le laelang tsona, kapa la fokotsa letho ho tsona, e le hore le tle le boloke melao ya Morena Modimo wa lona, eo ke le laelang yona.


Jwale, bana beso, ke re: Thabang ka ho ba ho Morena. Ha ke tswafe ho pheta seo ke ileng ka le ngolla sona, etswe hona ho tla etsa hore le se tsebisise.


Kamehla thabang ka ho ba ho Morena; ke boela ke re: Thabang!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos