Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baahlodi 7:4 - BIBELE

4 Yaba Morena o re ho Gideone: “Setjhaba se sa le sengata. Se theolele metsing, mme ke tla o kgethela sona hona moo. Eo ke tla re ho wena: ‘Enwa o tla ya le wena,’ o tla ya le wena, mme ofe kapa ofe eo ke tla re ho wena: ‘Enwa a ke ke a ya le wena,’ eo a ke ke a ya.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jehova a boela a re ho Gideone: Setjhaba se sa le seholo; se theosetse metsing, ke tle ke o kgethele teng ba tla ya le wena. Eo ke tla o bolella yena, ke re: Enwa a ye le wena, o tla ya le wena; mme e mong le e mong eo ke tla o bolella yena, ke re: Enwa a se ke a ya le wena, ha a na ho ya.

Ver Capítulo Copiar




Baahlodi 7:4
10 Referencias Cruzadas  

Hoba tsena di fete, Modimo a leka Aborahama, a re ho yena: “Aborahama!” Yena a re: “Ke nna enwa.”


Empa Modimo o tseba metsamao ya ka; ha a nteka ke tla tswa ke hlwekile seka kgauta.


Kgosi ha e ke a fenye, ha e ke e fenye ka baka la dimphihadi tsa yona, mohale ha a ke a hlole, ha a ke a hlole ka baka la bonatlahadi ba hae.


Modimo, o ile wa re hlahloba, wa re hlwekisa seboping jwaloka silefera;


Morena o ahlola ditjhaba. Nkahlolele, Morena, ho ya ka ho loka ha ka, le ho ya ka ho hloka kodi ha ka.


Gideone a theolela setjhaba metsing, mme Morena a re ho yena: “Mang kapa mang ya qaphang metsi ka leleme la hae, jwaloka ntja ha e qapha metsi, eo o tla mo emisa ka lehlakoreng le leng. Ka mokgwa o jwalo, mang kapa mang ya kgumamang ka mangwele ha a enwa, le yena o mo emise ka lehlakoreng lesele.”


Yaba Jonathane o re ho mohlankana ya neng a jere dihlomo tsa hae: “Tloo, re tshelele moo maqai ana a laletseng teng; mohlomong Morena o tla re thusa, hore re a hlole, ebang re bangata kapa re mmalwana, hobane ha ho letho le ka sitang Morena.”


Empa Morena a re ho Samuele: “O se ke wa tadima sebopeho sa hae, kapa bophahamo ba seemo sa hae, hobane ha ke mo amohele. Morena ha a tadime jwalokaha motho a tadima. Motho o tadima sebopeho se kantle, athe Morena yena o tadima pelo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos