Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baahlodi 7:3 - BIBELE

3 Ka baka leo, bolella setjhaba sohle, o re: ‘Mang kapa mang ya tshabang, ya thothomelang, a hle a kgutle, a tlohe thabeng ya Gileade e sa le hoseng.’ ” Setjhaba se ileng sa kgutla ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme ha sala dikete tse leshome feela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Eya jwale, o tsebise setjhaba, o re: Ya tshabang, ya tepeletseng, a kgutle, a tlohe thabeng ya Gileade. Kahoo, ha kgutla banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, ha sala ba kete tse leshome.

Ver Capítulo Copiar




Baahlodi 7:3
7 Referencias Cruzadas  

empa ha a na metso ka ho yena, ke motho ya mamellang ka nakwana, mme ha ho hlaha matshwenyeho kapa ditlhoriso ka baka la Lentswe la Modimo, o phakisa ho kweneha.


“Ka mokgwa o jwalo ba ho qetela e tla ba ba pele, ba pele e be ba ho qetela.”


Baokamedi ba tla bua le bahlabani hape, ba re: ‘Na ho na le monna ya tshohileng, ya boi? Ha a kgutlele tlung ya hae, esere a nyahamisa bana babo dipelo, jwalokaha ya hae e nyahame.’


Di tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla di hlola, hobane yona ke Morena wa marena, le Kgosi ya dikgosi. Ba bitsitsweng, ba kgethilweng, ba tshepahalang, le bona ba tla hlola hammoho le yona.”


Empa ha e le makwala, le ba sa tshepahaleng, le ba etsang tse manyala, le babolai, le difebe, le baloi, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba buang leshano, kabelo ya bona ke letsha le tukang mollo wa sebabole, ke hore lefu la bobedi.”


Gideone a romela maqosa ho ba morabe wa Manase, le bona ba bokellana, ba mo latela. A romela maqosa ho ba morabe wa Ashere, le ho wa Sebulone, le ho wa Nafthali, mme ba nyoloha, ba mo kgahlanyetsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos