Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baahlodi 2:5 - BIBELE

5 Sebaka seo ba se rea lebitso la Bokime, ba etsetsa Morena mahlabelo hona moo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Kahoo, ba rea nqalo eo lebitso la Bokime (balli), mme ba hlabela Jehova teng.

Ver Capítulo Copiar




Baahlodi 2:5
8 Referencias Cruzadas  

Yaba Debora, mohodisi wa Rebeka, o a hlokahala; a epelwa tlasa sefate sa eike, tlase ho Bethele, mme sebaka seo sa rewa lebitso la Eike ya Dillo.


Ba kgobella majwe hodima hae, mme le kajeno-ya-bokajeno a ntse a le teng. Kgalefo e tlokomang ya Morena ya kokobela. Ke ka baka leo le kajeno-ya-bokajeno sebaka seo se ntseng se bitswa ka lebitso la Kgohlo ya Akore.


Yaba Manowa o nka potsanyane, le nyehelo ya dijo, mme o nyehella Morena ka tsona hodima lefika. Ha bo-Manowa le mosadi wa hae ba shebeletse, Morena a etsa ntho e hlollang,


Jwale lengeloi la Morena la fihla Bokime, le etswa Gilegale. La fihla ho Baiseraele, la re: “Ke le nyolotse Egepeta, ke le tlisitse naheng ena eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata lona, ka re: ‘Nke ke ka roba selekane sa ka le lona le ka mohla.


Hoba lengeloi la Morena le bue mantswe ana ho bana bohle ba Iseraele, setjhaba sa bokolla haholo.


Ha Joshua a se a qhadile setjhaba, motho e mong le e mong wa bana ba Iseraele a boela naheng eo a e jeleng lefa, a dula ho yona.


Gideone a hahela Morena aletare moo, mme a e rea lebitso la “Morena ke kgotso”. Le kajeno-ya-bokajeno e ntse e le teng sebakeng se bitswang Ofera, seo e leng sa Baabiesere.


Samuele a nka konyana e nyanyang, mme ka yona a etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Yaba Samuele o rapella Baiseraele ho Morena, mme Morena a utlwa thapelo ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios