Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baahlodi 11:1 - BIBELE

1 Jafeta wa Mogileade e ne e le mohlabani ya matla. E ne e le mora wa seotswa, ya tswetsweng ke Gileade.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jafeta, Mogileade, e ne e le mohale; e ne e le mora wa seotswa; ke Gileade ya neng a tswetse Jafeta.

Ver Capítulo Copiar




Baahlodi 11:1
6 Referencias Cruzadas  

Naamane, molaodi wa lebotho la kgosi ya Arame, e ne e le motho e moholo, wa bohlokwa, ho monga hae, hobane ke ka yena Morena a ileng a lopolla Arame. E ne e le mohale wa senatla, feela e le molepera.


Ke tla reng hape? Nka haellwa ke sebaka sa ho lokodisa tsa Gideone, Barake, Samosone, Jafeta, Davida, Samuele le baporofeta.


Setjhaba, se ena le mahosana a Gileade, sa buisana, sa re: “Ke monna ofe ya tla qala ho lwantsha Baamone? Monna eo e tla ba yena moetapele wa baahi bohle ba Gileade.”


Mosadi wa Gileade a mo tswalla bara. Yare ha bara ba mosadi eo wa hae ba se ba hodile ba leleka Jafeta, ba re ho yena: “O ke ke wa ja lefa la ntata rona, hobane o mora wa mosadi osele.”


Lengeloi la Morena la itlhahisa ho Gideone, la re ho yena: “Morena o na le wena, wena mohlabani wa senatla.”


Morena a roma bo-Jerubaale, le Bedane, le Jafeta, le Samuele, mme a le namolela matsohong a dira tsa lona kahohle, yaba le phela ka kgotso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios