Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baahlodi 1:4 - BIBELE

4 Ba morabe wa Juda ba nyoloha, mme Morena a neelana ka Bakanana le Baperise matsohong a bona. Ba bolaya banna ba bona ba dikete tse leshome motseng wa Beseke.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Juda a nyoloha, mme Jehova a neela Bakanana le Baferese matsohong a bona, mme ba bolaya banna ba kete tse leshome Beseke.

Ver Capítulo Copiar




Baahlodi 1:4
17 Referencias Cruzadas  

Ha Mmikiya a fihla ho kgosi, kgosi ya re ho yena: “Mmikiya, na re ka futuhela Rama e Gileade, kapa tjhe?” Mmikiya a mo araba, a re: “E futuheleng, mme le tla atleha, hobane Morena o tla neelana ka yona matsohong a kgosi.”


Kgosi ya Iseraele ya kgobokanya baporofeta ba ka bang makgolo a mane, ya re ho bona: “Na nka futuhela Rama e Gileade kapa tjhe?” Ba re: “Futuha, hobane Morena o tla neelana ka yona matsohong a kgosi.”


Modimo, re utlwile ka tsebe tsa rona, bo-ntata rona ba re phetetse tsohle tseo o di entseng mehleng ya bona, wa di etsa ka tsoho la hao, wa di etsa mehleng eo ya kgale.


A leleka ditjhaba pela bona, a ba sehela moo e tla ba lefa la bona, a ahisa meloko ya Iseraele, a e ahisa metlotlwaneng ya tsona.


Ha Morena Modimo wa lona, a le neela ditjhaba tsena, le tla di hlola, ebe le di timetsa ho hang. Le se ke la etsa selekane le ditjhaba tseo, leha e le ho di utlwela bohloko.


Ka baka leo he, kajeno tseba hore Morena Modimo wa lona, ke yena ya le eteletseng pele, ke yena mollo o tjhesang. O tla ba timetsa, a le hlolele bona. Le tla ba leleka, le ba timetse kapele, jwalokaha Morena a buile ho lona.


Ba morabe wa Juda ba re ho bana babo bona, e leng ba morabe wa Simeone: “Nyolohelang le rona naheng eo re e abetsweng, re tle re lwantsheng Bakanana, mme le rona re tla ya le lona naheng eo le e abetsweng.” Ba morabe wa Simeone ba tsamaya le bona.


Ba fumana Adoni-Beseke a le Beseke, ba mo lwantsha, ba hlola Bakanana le Baperise.


Yaba Jafeta o tshelela ho Baamone ho ba lwantsha, mme Morena a neelana ka bona matsohong a hae.


Bana ba Iseraele ba aha hara Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse.


Saule a ba bala ha ba le Beseke; bana ba Israele ba etsa dikete tse makgolo a mararo, mme banna ba Juda ba etsa dikete tse mashome a mararo.


Empa haeba ba ka re ho rona: ‘Nyolohelang ho rona,’ re tla nyoloha, hobane Morena o tla be a neelane ka bona matsohong a rona, mme hona e tla ba sesupo ho rona.”


Yaba Jonathane o re ho mohlankana ya neng a jere dihlomo tsa hae: “Tloo, re tshelele moo maqai ana a laletseng teng; mohlomong Morena o tla re thusa, hore re a hlole, ebang re bangata kapa re mmalwana, hobane ha ho letho le ka sitang Morena.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios