Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 5:21 - BIBELE

21 Ha Bafilesita ba baleha ba siya medimo ya bona hona moo, Davida le banna ba hae ba e nka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Teng, Bafilesta ba lahla le ditshwantsho tsa medimo ya bona, mme Davida le banna ba hae ba ya le tsona.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 5:21
9 Referencias Cruzadas  

di tjhesitse medimo ya ditjhaba tseo, hobane e ne e se medimo; e ne e le medimo eo batho ba iketseditseng yona ka lehong le ka majwe, ke kahoo e timeditsweng.


Ke tla besa mollo ka ditempeleng tsa medimo ya Egepeta; Nebukadenesare o tla tjhesa ditempele tseo, a hape medimo eo a e ise bothopuweng. Jwalokaha modisa a ye a hlwekise kobo ya hae ka ho e runa dinta, le Nebukadenesare o tla hlwekisa naha ya Egepeta jwalo, ebe o tloha teng ka kgotso.


Kaha le tshepile ketso tsa lona le maruo a lona, le lona Bamoabe le tla thopuwa; Kemoshe le yena o tla thopuwa; a thopuwe le baprista ba hae, a thopuwe le mahosana.


O tla kgutlela Egepeta a hapile medimo ya bona ya bohata le medingwana ya bona, le thepa ya bona ya silefera le ya kgauta, e etseditsweng medingwana eo. O tla qeta dilemo tse ngata a sa futuhele kgosi ya Siria.


“Ditswantsho tse betlilweng tsa medimo ya ditjhaba tseo le di tjhese ka mollo. Silefera kapa kgauta e hodima ditshwantsho tseo le se ke la e tswela pelo, la inkela yona, esere la tshwaswa ke leraba, hobane tseo ke manyala ho Morena Modimo wa lona.


Empa le tle le ba etse tjena: Le heletse dialetare tsa bona, le thue difika tsa bona tseo ba di kgumamelang, le senye ditshwantsho tsa bona tsa Ashera, le tjhese le ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos